Deuteronoma
29 Ana ke mantsoe a selekane seo Jehova a laetseng Moshe hore a se hlabe le bara ba Iseraele naheng ea Moabe ntle ho selekane seo a se hlabileng le bona Horebe.+
2 Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Ke lōna ba boneng sohle seo Jehova a se entseng ka pel’a mahlo a lōna naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha+ eohle ea hae, 3 bopaki bo boholo boo mahlo a lōna a bo boneng,+ lipontšo+ tseo tse khōlō le mehlolo.+ 4 Leha ho le joalo Jehova ha aa le fa lipelo tse tsebang le mahlo a bonang le litsebe tse utloang ho fihlela letsatsing lena.+ 5 ‘Ha ke ntse ke le tataisa ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng,+ liaparo tsa lōna ha lia ka tsa tsofala, le meqathatso ea lōna ha ea ka ea tsofala maotong a lōna.+ 6 Ha lea ka la ja bohobe,+ ’me ha lea ka la noa veine le joala bo tahang, e le hore le ka tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’ 7 Qetellong la fihla sebakeng sena, eaba Sihone morena oa Heshbone+ le Oge+ morena oa Bashane baa re futuhela, empa ra ba hlōla.+ 8 Ka mor’a moo ra nka naha ea bona ’me ra e fa Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Bamanase e le lefa.+ 9 Kahoo le boloke mantsoe a selekane sena ’me le a phethe, e le hore le ka etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le tla e etsa e felle hantle.+
10 “Kaofela ha lōna kajeno le eme ka pel’a Jehova Molimo oa lōna, lihlooho tsa meloko ea lōna, banna ba baholo ba lōna le balaoli ba lōna, monna e mong le e mong oa Iseraele,+ 11 bana ba lōna ba banyenyane, basali+ ba lōna, le mojaki+ oa lōna ea ka har’a liahelo tsa lōna, ho tloha ho ea le roallelang patsi ho ea ho ea le khellang metsi,+ 12 e le hore le kene selekaneng+ sa Jehova Molimo oa lōna le kanong ea hae, seo Jehova Molimo oa lōna a se hlabang le lōna kajeno;+ 13 ka morero oa ho le tiisa kajeno hore le be sechaba+ sa hae e le hore eena e ka ba Molimo oa lōna,+ feela joalokaha a le tšepisitse le feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lōna Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+
14 “Joale hase lōna feela bao ke hlabang selekane sena le kano ena le bona,+ 15 empa ke se hlaba le ea emeng le rōna mona kajeno ka pel’a Jehova Molimo oa rōna le ba sieo ho rōna mona kajeno;+ 16 (etsoe le tseba hantle kamoo re ileng ra lula kateng naheng ea Egepeta le kamoo re ileng ra feta kateng har’a lichaba tseo le fetileng har’a tsona.+ 17 Le ne le ee le bone lintho tsa tsona tse nyonyehang le litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang,+ lehong le lejoe, silevera le khauta, tseo li neng li e-na le tsona;) 18 e le hore ho se ke ha e-ba le monna kapa mosali kapa lelapa kapa moloko har’a lōna eo pelo ea hae e furallang Jehova Molimo oa rōna kajeno ho ea sebeletsa melimo ea lichaba tseo;+ e le hore har’a lōna ho se ke ha e-ba le motso o behang litholoana tsa semela se chefo le lengana.+
19 “Ha e mong a utloa mantsoe a kano ena,+ ’me a itlhohonolofalitse pelong ea hae, a re, ‘Ke tla ba le khotso,+ le hoja ke tla tsamaea ka manganga a pelo ea ka,’+ ka morero oa ho felisa ea khotsoeng hammoho le ea nyoriloeng, 20 Jehova a ke ke a batla ho mo tšoarela,+ empa joale bohale+ ba Jehova le cheseho+ ea hae li tla tukela motho eo,+ ’me kano eohle e ngotsoeng bukeng+ ena ka sebele e tla oela holim ’a hae, ’me ruri Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlas’a maholimo. 21 Kahoo Jehova o tla lokela ho mo arola+ melokong eohle ea Iseraele bakeng sa tlokotsi tumellanong le kano eohle ea selekane e ngotsoeng bukeng ena ea molao.
22 “Moloko oa ka moso, bara ba lōna ba tlang ho ema ka mor’a lōna, ba tla tlameha ho re, le osele ea tla tla a tsoa naheng e hōle, esita leha ba bone likotlo tsa naha eo le mafu a eona ao Jehova a e kulisitseng ka ’ona,+ 23 sebabole le letsoai+ le ho cha,+ hoo tšimo eohle ea eona e ke keng ea jaloa, kapa ea beha, kapa hona hore limela leha e le life li tla mela ho eona, joaloka ho lihuoa ha Sodoma le Gomora,+ Adma+ le Zeboime,+ tseo Jehova a ileng a li liha bohaleng ba hae le khalefong+ ea hae; 24 e, lichaba tsohle li tla tlameha ho re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse tjee naheng ee?+ Ke hobane’ng ha ho e-na le mocheso oa bohale boo bo boholo?’ 25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+ 26 Ba tsamaea ’me ba sebeletsa melimo e meng ba e inamela, melimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba abela eona.+ 27 Joale bohale ba Jehova ba tukela naha eo ka ho e tlisetsa bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ ena. 28 Kahoo Jehova a ba fothola naheng ea bona ka bohale+ le khalefo le tlhonamo e khōlō ’me a ba lahlela naheng e ’ngoe joaloka letsatsing lena.’+
29 “Lintho tse patiloeng+ ke tsa Jehova Molimo oa rōna, empa lintho tse senotsoeng+ ke tsa rōna le bara ba rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, e le hore re ka phetha mantsoe ’ohle a molao ona.+