Deuteronoma
31 Joale Moshe a ea ’me a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana 2 a re ho bona: “Kajeno ke lilemo li lekholo le mashome a mabeli.+ Ha ke sa tla hlola ke lumelloa ho tsoa le ho kena,+ etsoe Jehova o itse ho ’na, ‘U ke ke ua tšela Jordane+ ena.’ 3 Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tšelang ka pel’a lōna.+ O tla felisa lichaba tsena ka pel’a lōna, ’me le tla li leleka.+ Joshua ke eena ea tšelang ka pel’a lōna,+ feela joalokaha Jehova a buile. 4 Ka sebele Jehova o tla li etsa joalokaha a entse Sihone+ le Oge,+ marena a Baamore, le naha ea bona, ha a ba felisa.+ 5 Jehova o le tloheletse tsona,+ ’me le li etse ho ea ka taelo eohle eo ke le laetseng eona.+ 6 Le be sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela ka ho feletseng.”+
7 Moshe a bitsa Joshua a re ho eena ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle: “U be sebete ’me u be matla,+ hobane uena—u tla tlisa sechaba sena naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba sona hore o tla se fa eona, ’me u tla se fa eona e le lefa.+ 8 Jehova ke eena ea tsamaeang ka pel’a hao. O tla tsoela pele a e-na le uena.+ A ke ke a u lahla kapa a u tlohela ka ho feletseng. U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo.”+
9 Joale Moshe a ngola molao+ ona ’me a o fa baprista bara ba Levi,+ bajari ba areka ea selekane sa Jehova,+ le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10 Moshe o tsoela pele ho ba laela, a re: “Bofelong ba lilemo tse ling le tse ling tse supileng, ka nako e behiloeng selemong sa tokollo,+ moketeng oa maphephe,+ 11 ha Baiseraele bohle ba tlil’o bona sefahleho sa Jehova+ Molimo oa lōna sebakeng seo a tla se khetha,+ le tla bala molao ona ka pel’a Baiseraele bohle moo ba ntseng ba utloa.+ 12 Phutha sechaba,+ banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao, e le hore ba mamele le hore ba ithute,+ kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo+ oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona. 13 Bara ba bona ba sa kang ba tseba ba lokela ho mamela,+ ’me ba tla ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi ’ohle ao le phelang ka ’ona naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua.”+
14 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Bona! Matsatsi a hore u shoe a atametse.+ Bitsa Joshua, ’me le eme ka tenteng ea pokano, hore ke mo laele.”+ Kahoo Moshe le Joshua ba tsamaea ’me ba ema ka tenteng ea pokano.+ 15 Joale Jehova a hlaha tenteng ka topallo ea leru, ’me topallo ea leru ea qala ho ema pel’a monyako oa tente.+
16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+ 17 Ruri letsatsing leo bohale ba ka bo tla se tukela,+ ’me ka sebele ke tla se furalla+ ke se patele sefahleho sa ka,+ ’me se tla fetoha ntho e lokeloang ke ho timetsoa; litlokotsi tse ngata le mahlomola li tla se oela holimo,+ ’me se tla tlameha ho re letsatsing leo, ‘Na hase kahobane Molimo oa rōna a se har’a rōna re oetsoeng ke litlokotsi tsee?’+ 18 Ha e le ’na, ke tla pata sefahleho sa ka ka ho feletseng letsatsing leo ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng, hobane se retelehetse ho melimo e meng.+
19 “Joale ingolleng pina+ ena ’me le e rute bara ba Iseraele.+ E beheng melomong ea bona e le hore pina ena e ka ba bopaki ba ka khahlanong le bara ba Iseraele.+ 20 Etsoe ke tla ba tlisa naheng eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona ka eona,+ e phallang lebese le mahe a linotši,+ ’me ka sebele ba tla ja+ ba khore ba none+ ’me ba retelehele ho melimo e meng,+ ruri ba tla e sebeletsa ’me ba ntlhompholle ’me ba tlōle selekane sa ka.+ 21 Etlare ha ba oeloa ke litlokotsi tse ngata le mahlomola,+ pina ena e tla araba ka pel’a bona e le bopaki, hobane ha ea lokela ho lebaloa melomong ea bana ba bona, etsoe ke tseba hantle tšekamelo+ ea bona eo ba nang le eona kajeno pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng ka eona.”
22 Kahoo Moshe a ngola pina ena letsatsing leo, e le hore a ka e ruta bara ba Iseraele.+
23 A laela Joshua mora oa Nune+ a re: “U be sebete ’me u be matla,+ hobane uena—u tla kenya bara ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyelitseng ka eona,+ ’me ke tla tsoela pele ke e-na le uena.”
24 Eitse hang ha Moshe a qetile ho ngola mantsoe a molao ona bukeng ho fihlela a phethiloe,+ 25 Moshe a qala ho laela Balevi, bajari ba areka ea selekane sa Jehova,+ a re: 26 “Nkang buka ena ea molao,+ le e behe lehlakoreng la areka+ ea selekane sa Jehova Molimo oa lōna, ’me e tla ba bopaki teng khahlanong le lōna.+ 27 Etsoe ’na—ke tseba hantle borabele+ ba lōna le melala ea lōna e sataletseng.+ Haeba kajeno ha ke ntse ke phela le lōna, le fetohetse Jehova,+ joale ho tla ba joalo hakaakang ka mor’a lefu la ka! 28 Mpokelleleng banna bohle ba baholo ba meloko ea lōna le balaoli ba lōna,+ ’me ke bue mantsoe ana moo ba ntseng ba utloa, ’me ke nke maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le bona.+ 29 Etsoe ruri ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa ka mokhoa o senyang,+ ’me ka sebele le tla kheloha tseleng eo ke le laetseng eona; tlokotsi+ e tla le hlahela qetellong ea matsatsi, hobane le tla etsa se sebe mahlong a Jehova hore le mo siteloe ka mesebetsi ea matsoho a lōna.”+
30 Moshe a bolela mantsoe a pina ena moo phutheho eohle ea Iseraele e ntseng e utloa ho fihlela a phethiloe:+