Deuteronoma
8 “Le lokela ho ela hloko ho boloka taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le laelang eona kajeno,+ e le hore le ka tsoela pele le phela+ ’me ruri la ata ’me la kena le ho rua naha eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna ka eona.+ 2 U hopole tsela eohle eo Jehova Molimo oa hao a u tsamaisitseng ka eona ka lilemo tsena tse mashome a mane lefeelleng,+ hore a u kokobetse,+ a u leke+ e le hore a tsebe se ka pelong ea hao,+ hore na u tla boloka litaelo tsa hae kapa che. 3 Kahoo o u kokobelitse ’me a u tlohela hore u lape+ eaba o u fepa manna,+ ao uena kapa bo-ntat’ao le neng le sa a tsebe; e le hore u tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.+ 4 Liaparo tsa hao tsa ka holimo ha lia ka tsa tsofala, leha e le hore maoto a hao a ile a ruruha ka lilemo tsena tse mashome a mane.+ 5 U tseba hantle ka pelo ea hao hore Jehova Molimo oa hao o ne a u khalemela, feela joalokaha motho a khalemela mora oa hae.+
6 “U boloke litaelo tsa Jehova Molimo oa hao ka ho tsamaea litseleng+ tsa hae le ka ho mo tšaba.+ 7 Etsoe Jehova Molimo oa hao o u tlisa naheng e ntle,+ naha ea liphula tsa melapo e phoroselang ea metsi, liliba le maliba a tsoang thoteng+ le sebakeng se lithaba, 8 naha ea koro le harese le lifate tsa morara le lifeiga le likharenate,+ naha ea oli ea mehloaare le mahe a linotši,+ 9 naha eo ho eona u ke keng ua haelloa ke ho ja bohobe, eo u ke keng ua haelloa ke letho ho eona, naha eo majoe a eona e leng a tšepe le eo lithabeng tsa eona le tla rafa koporo.
10 “Ha u se u jele ’me u ikhotsofalitse,+ u boke+ Jehova Molimo oa hao bakeng sa naha e ntle eo a u fileng eona.+ 11 U itebele hore u se ke ua lebala+ Jehova Molimo oa hao hoo u sa bolokeng litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno;+ 12 esere ua ja ua ikhotsofatsa, ua haha matlo a matle ’me ua lula ho ’ona,+ 13 ’me mohlape oa hao oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa hao oa likhutšoane oa eketseha, ’me ua ateloa ke silevera le khauta, ’me sohle sa hao sa eketseha; 14 pelo ea hao ea phahama+ eaba u lebala Jehova Molimo oa hao, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba;+ 15 ea u tsamaisitseng lefeelleng le leholo le le tšabehang,+ le nang le linoha tse chefo+ le liphepheng le mobu o nyoriloeng o se nang metsi; ea u ntšelitseng metsi lefikeng le thata;+ 16 ea u fepileng ka manna+ lefeelleng, ao bo-ntat’ao ba neng ba sa a tsebe, hore a u kokobetse+ le hore a u leke e le hore a u etsetse se molemo mehleng ea hao e tlang;+ 17 eaba u re ka pelong ea hao, ‘Matla a ka le bonatla ba letsoho la ka bo nketselitse leruo lena.’+ 18 U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo;+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona, joaloka letsatsing lena.+
19 “Haeba le lebala Jehova Molimo oa lōna ’me le hlile le latela melimo e meng ’me le e sebeletsa ’me le e inamela, ke paka kajeno khahlanong le lōna hore le tla timela ka ho feletseng.+ 20 Le tla timela joaloka lichaba tseo Jehova a li felisang ka pel’a lōna, hobane le ke ke la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.+