Baheberu
Ho Baheberu
1 Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo+ a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta,+ 2 bofelong ba matsatsi+ ana o buile le rōna ka Mora,+ eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle,+ le eo ka eena a ileng a etsa+ litsamaiso tsa lintho. 3 Ke ponahatso ea khanya+ ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng+ ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla+ a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe+ tsa rōna o ile a lula ka letsohong le letona+ la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.+ 4 Kahoo o fetohile ea molemo ho feta mangeloi,+ ho isa tekanyong eo ho eona a ruileng lebitso+ le khabane ho feta a ’ona.
5 Ka mohlala, ke ho lefe la mangeloi a kileng a re: “U mora oa ka; ’na, kajeno, ke bile ntat’ao”?+ Hape: “Ke tla ba ntat’ae, ’me e tla ba mora oa ka”?+ 6 Empa ha a boetse a tlisa Letsibolo+ la hae lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona, o re: “Mangeloi+ ’ohle a Molimo a ke a le inamele.”+
7 Hape, mabapi le mangeloi o re: “O etsa mangeloi a hae meea, le bahlanka ba hae ba sechaba o ba etsa lelakabe la mollo.”+ 8 Empa mabapi le Mora o re: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng+ le kamehla, ’me lere la borena la ’muso+ oa hao ke lere la borena la ho loka.+ 9 U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane+ ba hao.” 10 Hape o re: “Morena, tšimolohong u ile ua rala metheo ea lefatše, ’me maholimo ke mesebetsi ea matsoho a hao.+ 11 Li tla timela, empa u tla ’ne u be teng ka ho tsoelang pele; feela joaloka seaparo+ sa ka ntle li tla tsofala kaofela, 12 ’me u tla li phutha feela joaloka seaparo sa ka holimo,+ joaloka seaparo sa ka ntle; li tla fetoha, empa uena u ea tšoanang, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa fela+ le ka mohla.”
13 Empa ke mabapi le lefe la mangeloi a kileng a re: “Lula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto+ a hao”? 14 Na kaofela hase meea+ bakeng sa tšebeletso ea sechaba,+ e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua+ poloko?