Joshua
13 Joale Joshua o ne a tsofetse, a se a ile lilemong.+ Kahoo Jehova a re ho eena: “U se u tsofetse ’me u se u ile lilemong, ’me ka tekanyo e khōlō ho sa ntse ho setse naha e lokelang ho ruuoa.+ 2 Ena ke naha e sa ntseng e setse:+ libaka tsohle tsa Bafilista+ le Bageshure bohle+ 3 (ho tloha lekaleng la Nile le leng ka pel’a Egepeta le ho fihlela moeling oa Ekrone ho ea ka leboea,+ e ne e nkoa e le ea Bakanana);+ marena a mahlano a selekane+ a Bafilista, Bagaza+ le Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone;+ le Baavime.+ 4 Ho ea ka boroa naha eohle ea Bakanana; le Meara, ea Basidone,+ ho ea fihla Afeke, ho ea fihla moeling oa Baamore; 5 le naha ea Bagebale+ le Lebanone eohle nģ’a bochaba-tsatsi, ho tloha Baale-gade+ botlaaseng ba Thaba ea Hermone ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe;+ 6 baahi bohle ba sebaka se lithaba, ho tloha Lebanone+ ho ea Misrefothe-maime,+ Basidone bohle;+ ke tla ba leleka ka pel’a bara ba Iseraele.+ U mpe u etse hore e oele ho Baiseraele e le lefa, feela joalokaha ke u laetse.+ 7 Joale arolela meloko e robong le halofo ea moloko oa Manase naha ena e le lefa.”+
8 Barubene le Bagade hammoho le halofo e ’ngoe ea moloko ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochabela, feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a ba file,+ 9 ho tloha Aroere,+ e lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone,+ le motse o bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, le sehlaba sohle sa Medeba+ ho ea fihla Dibone;+ 10 le metse eohle ea Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone, ho fihlela moeling oa bara ba Ammone;+ 11 le Gileade le naha ea Bageshure+ le Bamakathe le Thaba eohle ea Hermone+ le Bashane eohle+ ho ea fihla Salka;+ 12 sebaka sohle se pusong ea borena sa Oge+ Bashane, ea neng a busa Ashtarothe le Edrei+—ke eena ea ileng a sala ho se setseng sa Barefaime+—’me Moshe a qala ho ba hlasela le ho ba leleka.+ 13 Bara ba Iseraele ha baa ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe, empa Bageshure+ le Bamakathe ba ntse ba lula har’a Baiseraele ho fihlela letsatsing lena.
14 Ke moloko oa Balevi feela oo a sa kang a o fa lefa.+ Linyehelo tse entsoeng ka mollo+ tsa Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona,+ feela joalokaha a ba tšepisitse.+
15 Joale Moshe a fana ka mpho ho moloko oa bara ba Rubene ka malapa a bona, 16 ’me naha ea e-ba ea bona ho tloha Aroere,+ e lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, le motseng o bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, le sehlabeng sohle sa Medeba;+ 17 Heshbone+ le metseng eohle ea eona+ e sehlabeng, Dibone+ le Bamothe-baale+ le Bethe-baale-meone,+ 18 le Jahaze+ le Kedemothe+ le Mefathe,+ 19 le Kiriathaime+ le Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ea khohlo, 20 le Bethe-peore le matsoapong a Pisga+ le Bethe-jeshimothe,+ 21 le metseng eohle ea sehlaba+ le sebakeng sohle se pusong ea borena ea Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone,+ le eo Moshe a ileng a mo bolaea,+ hammoho le marenana a Midiane, Evi le Rekeme le Zure le Hure le Reba,+ babusisi ba Sihone, ba neng ba lula naheng. 22 Balame mora oa Beore,+ senohe,+ ke e mong eo bara ba Iseraele ba ileng ba mo bolaea ka sabole hammoho le babolauoa ba bona. 23 Moeli oa bara ba Rubene ea e-ba Jordane; ’me naha ena e ne e le lefa la bara ba Rubene+ ka malapa a bona, hammoho le metse le metsana ea eona.
24 Ho feta moo, Moshe a fana ka mpho ho moloko oa Gade, bara ba Gade ka malapa a bona,+ 25 ’me naha ea bona ea e-ba Jazere+ le metse eohle ea Gileade+ le halofo ea naha ea bara ba Ammone+ ho ea fihla Aroere,+ e ka pel’a Raba;+ 26 le ho tloha Heshbone+ ho ea Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ea moeling oa Debire;+ 27 le khohlong Bethe-harame+ le Bethe-nimra+ le Sukothe+ le Zafone, sebaka se seng kaofela se leng pusong ea borena ea Sihone morena oa Heshbone,+ Jordane e le moeli ho ea fihla pheletsong ea leoatle la Kinerethe+ ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochabela. 28 Lena e ne e le lefa la bara ba Gade+ ka malapa a bona, hammoho le metse le metsana ea eona.
29 Ho ekelletsa moo, Moshe a fana ka mpho ho halofo ea moloko oa Manase, ’me ea e-ba ea halofo ea moloko oa bara ba Manase ka malapa a bona.+ 30 Naha ea bona ea e-ba ho tloha Mahanaime+ Bashane eohle, sebaka sohle se pusong ea borena ea Oge morena oa Bashane,+ le metse eohle ea litente ea Jaire+ e Bashane, metse e mashome a tšeletseng. 31 Halofo ea Gileade, le Ashtarothe+ le Edrei,+ metse ea sebaka se pusong ea borena ea Oge Bashane, ea ea ho bara ba Makire+ mora oa Manase, ho halofo ea bara ba Makire ka malapa a bona.
32 Tsena ke tseo Moshe a ileng a etsa hore ba li rue, lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe lehlakoreng la Jordane, Jeriko, nģ’a bochabela.+
33 Moloko oa Balevi Moshe ha aa ka a o fa lefa.+ Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona, feela joalokaha a ba tšepisitse.+