Joshua
22 Ka nako eo Joshua a bitsa Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Manase+ 2 a re ho bona: “Le bolokile sohle seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona,+ ’me la mamela lentsoe la ka ho sohle seo ke le laetseng sona.+ 3 Ha lea tlohela barab’abo lōna ka matsatsi ana a mangata+ ho fihlela letsatsing lena, ’me le bolokile tlamo ea taelo ea Jehova Molimo oa lōna.+ 4 Joale Jehova Molimo oa lōna o file barab’abo lōna phomolo, feela joalokaha a ile a ba tšepisa.+ Kahoo joale retelehang ’me le ee litenteng tsa lōna naheng eo le e ruileng, eo Moshe mohlanka oa Jehova a ileng a le fa eona ka lehlakoreng le leng la Jordane.+ 5 Le mpe le hlokomele haholo hore le phethe taelo+ le molao oo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng oona ka ho rata Jehova Molimo oa lōna+ le ka ho tsamaea litseleng tsohle tsa hae+ le ka ho boloka litaelo tsa hae+ le ka ho mo khomarela+ le ka ho mo sebeletsa+ ka lipelo tsohle tsa lōna+ le ka meea eohle ea lōna.”+
6 Eaba Joshua oa ba hlohonolofatsa+ ’me o re ba tsamaee e le hore ba ka ea litenteng tsa bona. 7 Moshe o ne a fane ka mpho ho halofo ea moloko oa Manase Bashane,+ ’me Joshua a fana ka mpho ho halofo e ’ngoe ea oona hammoho le barab’abo bona ka lehlakoreng la Jordane ho ea ka bophirimela.+ Kahoo, hape, ha Joshua a re ba ee litenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa. 8 A tsoela pele ho re ho bona: “Khutlelang litenteng tsa lōna ka maruo a mangata le ka liphoofolo tse ngata tse ruiloeng, hammoho le silevera le khauta le koporo le tšepe le liaparo ka bongata bo boholo.+ Nkang karolo ea lōna ea thepa e hapuoeng+ ea lira tsa lōna hammoho le barab’abo lōna.”
9 Ka mor’a moo bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba khutla ’me ba tloha ho bara ba bang ba Iseraele, ho tloha Shilo, e naheng ea Kanana, e le hore ba ka ea naheng ea Gileade,+ naheng eo ba e ruileng moo ba neng ba ahile teng ka taelo ea Jehova ka Moshe.+ 10 Ha ba fihla libakeng tsa Jordane tse neng li le naheng ea Kanana, eaba bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba haha tora moo haufi le Jordane, aletare+ e hlaheletseng haholo. 11 Hamorao bara ba bang ba Iseraele ba utloa+ ho thoe: “Bonang! Bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba hahile aletare moeling oa naha ea Kanana libakeng tsa Jordane lehlakoreng la bara ba Iseraele.” 12 Ha bara ba Iseraele ba ho utloa, joale phutheho eohle ea bara ba Iseraele+ ea phutheha Shilo+ ho nka khato ea sesole khahlanong le bona.+
13 Joale bara ba Iseraele ba romela+ Finease+ mora oa moprista Eleazare ho bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase naheng ea Gileade, 14 hammoho le marenana a leshome, morenana a le mong oa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa la habo ntat’a meloko eohle ea Iseraele, ’me e mong le e mong e ne e le hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a bona ba likete tsa Iseraele.+ 15 Ka mor’a nako ba fihla ho bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase naheng ea Gileade ’me ba qala ho bua le bona,+ ba re:
16 “Sena ke seo phutheho eohle ea Jehova+ e se boletseng, ‘Ke’ng ketso ee ea ho se tšepahale+ eo le e entseng khahlanong le Molimo oa Iseraele ka ho furalla+ kajeno ho latela Jehova ka ho ikahela aletare,+ e le hore kajeno le ka fetohela Jehova? 17 Na phoso ea Peore+ e ne e le nyenyane haholo bakeng sa rōna, eo re sa itlhoekisang ho eona ho fihlela letsatsing lee, le hoja kotlo e ile ea e-ba holim ’a phutheho ea Jehova?+ 18 Lōna—le ne le tla furalla kajeno ho latela Jehova; haeba le ka fetohela Jehova kajeno, joale hosasane o tla halefela phutheho eohle ea Iseraele.+ 19 Joale haeba ka sebele naha eo le e ruileng ha ea hloeka,+ le tšelele naheng ea leruo+ la Jehova moo tabernakele ea Jehova e lutseng teng,+ ’me le ahe har’a rōna; le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la etsa hore re mo fetohele ka ho ikahela ha lōna aletare ho phaella aletareng ea Jehova Molimo oa rōna.+ 20 Na hase Akane+ mora oa Zera ea ileng a etsa ketso ea ho se tšepahale nthong e nehetsoeng timetso, hape na hase khahlanong le phutheho eohle ea Iseraele ho ileng ha tla khalefo?+ Hase eena feela motho ea ileng a shoa phosong ea hae.’”+
21 Eaba bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase baa araba+ ’me ba bua le lihlooho tsa likete tsa Iseraele:+ 22 “Ea Nang le Bomolimo,+ Molimo,+ Jehova, Ea Nang le Bomolimo, Molimo, Jehova,+ oa tseba,+ ’me Baiseraele, le bona ba tla tseba.+ Haeba ke ka borabele+ le haeba ke ka ho se tšepahale ho Jehova,+ le se ke la re pholosa letsatsing lena. 23 Haeba e ne e le ho ikahela aletare e le ho tlohela ho latela Jehova, ’me haeba e ne e le ho nyehela linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa lijo-thollo ho eona,+ le haeba e ne e le ho etsa mahlabelo a kopanetsoeng ho eona, Jehova o tla batlisisa;+ 24 kapa ho e-na le hoo haeba ha rea etsa sena ka ho tšoenngoa ke lipelaelo bakeng sa ho hong, re re, ‘Nakong e tlang bara ba lōna ba tla re ho bara ba rōna: “Le na le taba efe le Jehova Molimo oa Iseraele? 25 Ho na le moeli oo Jehova a o behileng pakeng tsa rōna le lōna, bara ba Rubene le bara ba Gade, e leng, Jordane. Ha le na kabelo ho Jehova.”+ Ka sebele bara ba lōna ba tla etsa hore bara ba rōna ba khaotse ho tšaba Jehova.’+
26 “Kahoo re ile ra re, ‘Ka kōpo, a re nkeng khato molemong oa rōna ka ho haha aletare, eseng bakeng sa nyehelo ea secheso kapa bakeng sa sehlabelo, 27 empa hore e be bopaki pakeng tsa rōna+ le lōna le meloko ea rōna ka mor’a rōna hore re tla etsa tšebeletso ea Jehova ka pel’a hae ka linyehelo tsa rōna tsa secheso le mahlabelo a rōna le mahlabelo a rōna a kopanetsoeng,+ hore nakong e tlang bara ba lōna ba tle ba se ke ba re ho bara ba rōna: “Ha le na kabelo ho Jehova.”’ 28 Kahoo ra re, ‘Haeba ba ka bolella rōna le meloko ea rōna seo nakong e tlang, re tla re: “Bonang setšoantšo sa aletare ea Jehova seo bo-ntat’a rōna ba se entseng, eseng bakeng sa nyehelo ea secheso kapa bakeng sa sehlabelo, empa ke bopaki pakeng tsa rōna le lōna.”’ 29 Ke ho sa utloahaleng hore re fetohele Jehova le hore kajeno re furalle ho latela Jehova+ ka ho haha aletare bakeng sa nyehelo ea secheso, nyehelo ea lijo-thollo le sehlabelo ntle ho aletare ea Jehova Molimo oa rōna e ka pel’a tabernakele ea hae!”+
30 Joale ha moprista Finease+ le marenana a phutheho+ le lihlooho tsa likete tsa Iseraele tse neng li e-na le eena ba utloa mantsoe ao bara ba Rubene le bara ba Gade le bara ba Manase ba a buileng, ha e-ba molemo mahlong a bona. 31 Kahoo Finease mora oa moprista Eleazare a re ho bara ba Rubene le bara ba Gade le bara ba Manase: “Kajeno rea tseba hore Jehova o har’a rōna,+ hobane ha lea etsa ketso ena ea ho se tšepahale khahlanong le Jehova. Joale le lopolotse bara ba Iseraele letsohong la Jehova.”+
32 Eaba Finease mora oa moprista Eleazare le marenana ba khutla+ ho bara ba Rubene le bara ba Gade naheng ea Gileade ba ea naheng ea Kanana ho bara ba bang ba Iseraele ’me ba khutlisetsa lentsoe ho bona.+ 33 Lentsoe leo la e-ba molemo mahlong a bara ba Iseraele; bara ba Iseraele ba boka Molimo,+ ’me ha baa ka ba bua ka ho ea bakeng sa tšebeletso ea lebotho khahlanong le bona ho senya naha eo bara ba Rubene le bara ba Gade ba neng ba lula ho eona.
34 Bara ba Rubene le bara ba Gade ba qala ho reha aletare lebitso, hobane “ke bopaki pakeng tsa rōna hore Jehova ke Molimo oa ’nete.”+