Ruthe
4 Ha e le Boaze, a nyolohela hekeng+ ’me a qala ho lula moo. Bonang! morekolli o ne a feta ka tsela, eo Boaze a neng a mo boletse.+ Joale a re: “’Nyeo, fapohela, u lule mona.” Kahoo a fapohela ’me a lula fatše. 2 Ka mor’a moo a nka banna ba leshome ho banna ba baholo+ ba motse a re: “Lulang mona.” Kahoo ba lula.
3 Joale a re ho morekolli:+ “Tšimo eo e neng e le ea mor’abo rōna Elimeleke,+ Naomi, ea khutlileng naheng ea Moabe,+ o tla e rekisa. 4 Ha e le ’na, ke ile ka nahana hore ke lokela ho u senolela sena, ka ho re, ‘E reke+ ka pel’a baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba u tla e rekolla, e rekolle; empa haeba u ke ke ua e rekolla, mpolelle, e le hore nka tseba, kaha ha ho e mong osele haese uena ea ka rekollang,+ ’me kea u latela.’” Eaba o re: “E tla ba ’na ea e rekollang.”+ 5 Joale Boaze a re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo letsohong la Naomi, u tla e reka ho Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa monna ea shoeleng, e le hore ho ka tsosoa lebitso la monna ea shoeleng holim ’a lefa la hae.”+ 6 Eaba morekolli o re: “Ha ke khone ho ithekollela eona, esere ka senya lefa la ka. Ithekollele eona ka tokelo ea ka ea thekollo, hobane ha ke khone ho rekolla.”
7 Joale ena e ne e le tloaelo ea linakong tsa pele Iseraele malebana le tokelo ea thekollo le malebana le phapanyetsano, ho tiisa ntho ea mofuta o mong le o mong: Monna o ne a lokela ho rōla moqathatso oa hae+ ’me a o fe oa habo, ’me sena e ne e le bopaki Iseraele. 8 Kahoo ha morekolli a re ho Boaze: “Ithekele eona,” a rōla moqathatso oa hae.+ 9 Joale Boaze a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le lipaki+ tsa hore ke reka sohle seo e neng e le sa Elimeleke le sohle seo e neng e le sa Kilione le Mahalone letsohong la Naomi. 10 Ke ithekela le Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa Mahalone, hore e be mosali oa ka ho tsosa lebitso la monna ea shoeleng+ lefeng la hae le hore lebitso la monna ea shoeleng le se ke la felisoa har’a barab’abo le hekeng ea sebaka sa habo. Kajeno le lipaki.”+
11 Eaba batho bohle ba neng ba le hekeng le banna ba baholo ba re: “Re lipaki! E se eka Jehova a ka lumella mosali ea tlang ka tlung ea hao ho ba joaloka Ragele+ le joaloka Lea,+ bao ka bobeli ba hahileng ntlo ea Iseraele;+ ’me u pake bohlokoa ba hao Efratha+ le ho etsa lebitso le tummeng Bethlehema.+ 12 E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze, eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda,+ ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.”+
13 Ka lebaka leo Boaze a nka Ruthe ’me ea e-ba mosali oa hae ’me a kopanela liphate le eena. Kahoo Jehova a mo lumella ho emola+ ’me a tsoala mora. 14 Basali ba qala ho re+ ho Naomi: “Ho bokoe Jehova,+ ea sa tlohelang hore ho hlokehe morekolli bakeng sa hao kajeno; e le hore lebitso la hae le ka phatlalatsoa Iseraele. 15 O fetohile ea hlasimollang moea oa hao le ea hlokomelang botsofali ba hao,+ hobane ngoetsi ea hao e u ratang,+ e molemo ho uena ho feta bara ba supileng,+ e mo tsoetse.” 16 Naomi a nka ngoana le ho mo beha sefubeng sa hae, ’me ea e-ba mohlokomeli oa hae. 17 Joale basali ba baahelani+ ba mo reha lebitso, ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora.” Ba qala ho mo reha lebitso la Obede.+ Ke eena ntat’a Jese,+ ntat’a Davida.
18 Joale ena ke meloko ea Pereze:+ Pereze a tsoala Hezrone;+ 19 Hezrone a tsoala Rame; Rame+ a tsoala Aminadabe; 20 Aminadabe+ a tsoala Nashone;+ Nashone a tsoala Salmone; 21 Salmone+ a tsoala Boaze; Boaze+ a tsoala Obede; 22 Obede a tsoala Jese;+ Jese a tsoala Davida.+