1 Samuele
3 Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a sebeletsa+ Jehova ka pel’a Eli, ’me lentsoe le tsoang ho Jehova+ le ne le fumaneha ka seoelo matsatsing ao;+ lipono+ li ne li sa ata.
2 Joale letsatsing leo Eli o ne a robetse sebakeng sa hae, ’me mahlo a hae a ne a se a qalile ho fifala;+ o ne a sa khone ho bona. 3 Lebone la Molimo le ne le e-s’o time, ’me Samuele o ne a robetse ka tempeleng+ ea Jehova, moo areka ea Molimo e neng e le hona teng. 4 Jehova a bitsa Samuele. Eaba o re: “Ke ’na enoa.”+ 5 A qala ho mathela ho Eli ’me a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa. Robala hape.” Kahoo a tsamaea ’me a robala. 6 Jehova a tsoela pele ho bitsa hape: “Samuele!”+ Eaba Samuele oa ema o ea ho Eli o re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa, mora oa ka.+ Robala hape.” 7 (Ha e le Samuele, o ne a e-s’o tsebe Jehova, ’me o ne a e-s’o qale ho senoleloa lentsoe la Jehova.)+ 8 Kahoo Jehova a boela a bitsa ka lekhetlo la boraro: “Samuele!” Eaba oa ema o ea ho Eli ’me o re: “Ke ’na enoa, kaha e tlameha ebe u mpitsitse.”
Eli a qala ho lemoha hore ke Jehova ea neng a bitsa moshanyana eo. 9 Ka lebaka leo Eli a re ho Samuele: “Tsamaea, u robale, ’me haeba a ka u bitsa, u tla re, ‘Bua, Jehova, etsoe mohlanka oa hao o mametse.’” Kahoo Samuele a tsamaea ’me a robala sebakeng sa hae.
10 Joale Jehova a tla eaba oa ema ’me o bitsa joaloka makhetlong a mang: “Samuele, Samuele!” Eaba Samuele o re: “Bua, etsoe mohlanka oa hao o mametse.”+ 11 Jehova a tsoela pele ho re ho Samuele: “Bona! Ke etsa+ ho hong Iseraele hoo haeba mang kapa mang a utloa ka hona, litsebe tsa hae li tla hlohlona.+ 12 Letsatsing leo ke tla phetha ho Eli sohle seo ke se buileng mabapi le ntlo ea hae, ho tloha qalong ho ea qetellong.+ 13 U mo bolelle hore ke ahlola ntlo+ ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa phoso eo a e tsebileng,+ hobane bara ba hae ba rohaka Molimo,+ ’me ha aa ka a ba khalemela ka matla.+ 14 Ke ka lebaka leo ke hlapanyelitseng ntlo ea Eli hore phoso ea ntlo ea Eli e ke ke ea lokolloa kotlong ka sehlabelo kapa ka nyehelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
15 Samuele a ’na a robala ho fihlela hoseng. Joale a bula mamati a ntlo ea Jehova.+ Samuele o ne a tšaba ho bolella Eli se hlahileng.+ 16 Empa Eli a bitsa Samuele ’me a re: “Samuele, mora oa ka!” Eaba o re: “Ke ’na enoa.” 17 A tsoela pele ho re: “Ke lentsoe lefe leo a u boleletseng lona? Ka kōpo, u se ke ua mpatela lona.+ E se eka Molimo a ka etsa joalo ho uena ’me e se eka a ka ekelletsa ka ho tšoanang ho seo+ haeba u tla mpatela lentsoe mantsoeng ’ohle ao a u boleletseng ’ona.” 18 Kahoo Samuele a mo bolella mantsoe ’ohle, ’me ha aa ka a mo patela letho. Eaba o re: “Ke Jehova. A ke a etse se molemo mahlong a hae.”+
19 Samuele a ’na a hōla, ’me Jehova a ba le eena+ ’me ha aa ka a etsa hore leha e le lefe la mantsoe ’ohle a hae le oele fatše.+ 20 Baiseraele bohle ho tloha Dane ho ea Beerseba+ ba hlokomela hore Samuele o ne a nkoa a tšoaneleha bakeng sa boemo ba moprofeta oa Jehova.+ 21 Jehova a boela a hlaha+ Shilo, hobane Jehova o ile a itšenola ho Samuele Shilo ka lentsoe la Jehova.+