Lipesaleme
Ho motsamaisi. E letsoe ka molumo oa “Lipalesa.”* Khopotso. Pesaleme ea Asafe.+ Pina.
Tloo u tl’o re pholosa.+
Re hauhele ’me u re pholose.+
4 Jehova Molimo oa mabotho, u tla halefela batho ba hao le ho hana ho mamela lithapelo tsa bona ho fihlela neng?+
5 U ba jesa meokho ea bona joalokaha eka ke bohobe
Ebile u ba noesa likeleli tse ngata haholo.
6 U etsa hore baahisani ba rona ba qabane ka lebaka la rona.
Lira tsa rona lia re tšeha.+
7 Molimo oa mabotho, re amohele hape.
Re hauhele ’me o re pholose.+
8 U tlositse sefate sa morara+ Egepeta.
Oa leleka lichaba eaba oa se lema.+
10 Lithaba li ne li koahetsoe ke moriti oa sona
Le lifate tsa kedare tsa Molimo li koahetsoe ke makala a sona.
12 Ke hobane’ng ha u lihile marako a majoe a sirelelitseng serapa sa morara+
E le hore bohle ba fetang ba khe litholoana tsa sona?+
14 Molimo oa mabotho, re kopa u khutle.
Sheba u le leholimong ’me u bone.
U hlokomele sefate sena sa morara,+
15 Hlokomela kutu* ena eo u e lemmeng ka letsoho la hao le letona,+
U shebe mora eo* u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+
16 Sefate sea rengoa ’me se chesoa ka mollo.+
Baa felisoa ha u ba khalemela.*
17 E se eka u ka tšehetsa motho ea ka letsohong la hao le letona,
Mor’a motho eo u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+
18 Re ke ke ra u furalla.
Re boloke re phela e le hore re tle re rorise lebitso la hao.
19 Jehova Molimo oa mabotho, re amohele hape.
Re hauhele ’me u re pholose.+