Exoda
11 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla tlisa kotlo ea ho qetela ho Faro le Egepeta. Ka mor’a moo, o tla le tlohela hore le tlohe mona+ ’me ha a le lokolla, o tla hle a le leleke.+ 2 Bolella sechaba hore banna le basali bohle ba kope lintho tsa silevera le tsa khauta ho baahisani ba bona.”+ 3 Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele. Ho feta moo, bahlanka ba Faro le Baegepeta ba ne ba se ba hlompha Moshe.
4 Moshe a re: “Jehova o itse, ‘Hoo e ka bang har’a mpa ea bosiu ke tla kena Egepeta+ 5 ’me matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta a tla shoa,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae, ho ea ho letsibolo la lekhoba la mosali le sebetsang leloaleng la letsoho le matsibolo ’ohle a liphoofolo.+ 6 Naheng eohle ea Egepeta, ho tla ba le sello se seholo se e-s’o ka se e-ba teng le seo ho seng mohla se tla ba teng hape.+ 7 Le ntja e ke ke ea bohola Baiseraele kapa liphoofolo tsa bona e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le Baiseraele.’+ 8 Bahlanka bohle ba hao ba tla tla ho ’na ’me ba nkhumamele ba re, ‘Tsamaea, uena le sechaba sohle se u latelang.’+ Ka mor’a moo ke tla tsoa.” Moshe a tloha ho Faro a halefile.
9 Jehova a re ho Moshe: “Faro a ke ke a le mamela+ e le hore mehlolo ea ka e ka eketseha naheng ea Egepeta.”+ 10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena eohle ka pel’a Faro+ empa Jehova a tlohela Faro hore a be manganga, hoo a sa kang a tlohela Baiseraele hore ba tlohe naheng ea hae.+