Levitike
2 Haeba motho a tlisa nyehelo ea lijo*+ ho Jehova, a tlise phofo e sitsoeng hantle, a tšele oli holim’a eona ’me a behe libano tse tšoeu holim’a eona.+ 2 A e tlise ho bara ba Arone e leng baprista. Moprista a nke phofo e sitsoeng hantle e tletseng seatla, e kopantsoeng le oli le libano tsa eona tse tšoeu. A etse hore e kubelle aletareng e le karolo e emelang nyehelo eohle*+ e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* 3 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ linyehelong tse chesetsoang Jehova.
4 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e bakiloeng ka ontong, e be ea phofo e sitsoeng hantle, ea mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli kapa liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+
5 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e tsoang paneng,+ e be ea phofo e sitsoeng hantle e se nang tomoso, e kopantsoeng le oli. 6 U e qhetsole ’me u tšele oli holim’a eona.+ Ke nyehelo ea lijo.
7 Haeba nyehelo ea hao e le nyehelo ea lijo e etsoang ka pane, e etsoe ka phofo e sitsoeng hantle le oli. 8 U tlise nyehelo ea lijo e entsoeng ka lintho tsena ho Jehova, e tla tlisoa ho moprista ’me eena o tla e atametsa pel’a aletare. 9 Moprista a nke e ’ngoe ea nyehelo ea lijo e le karolo e emelang nyehelo eohle.*+ A etse hore e kubelle aletareng e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+ 10 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa linyehelong tse chesetsoang Jehova.+
11 Ho se ke ha e-ba le nyehelo ea lijo e hlahisoang ho Jehova e nang le tomoso+ hobane ha lea lokela ho etsa hore hlama e bolila kapa mahe a linotši a kubelle e le nyehelo e chesetsoang Jehova.
12 Le ka li hlahisa ho Jehova e le nyehelo ea lihlahisoa tsa pele+ empa li se ke tsa tlisoa aletareng e le nyehelo e monko o monate.*
13 Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo tse kotutsoeng eo u e etsang e nokoe ka letsoai. U etse bonnete ba hore e lula e e-na le letsoai la selekane* sa Molimo oa hao. Ha u e tlisa, u e tlise le letsoai.+
14 Haeba u hlahisetsa Jehova nyehelo ea lijo ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng, u hlahise tse kotutsoeng tse besitsoeng, e leng litlhaku tsa lijo tse sa tsoa khuoa. Ke nyehelo ea lijo ea lihlahisoa tsa hao tsa pele tse butsoitseng.+ 15 U tšele oli holim’a eona ’me u behe libano tse tšoeu holim’a eona. Ke nyehelo ea lijo. 16 Moprista o tla etsa hore e kubelle e le karolo e emelang nyehelo eohle*+ e leng tse ling tsa litlhaku tsa lijo tse kotutsoeng, oli le libano tsohle tsa eona tse tšoeu. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.