Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 24
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Levitike

      • Oli ea mabone a tabernakele (1-4)

      • Mahobe a pontšo (5-9)

      • Batho ba hlomphollang lebitso la Molimo ba tlepetsoe ka majoe (10-23)

Levitike 24:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 27:20, 21; Nu 8:2

Levitike 24:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 25:31; 39:33, 37; Heb 9:2

Levitike 24:5

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ea likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa.” Li lekana le lilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 24:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 40:22, 23; 1Sa 21:4; Mar 2:25, 26
  • +Ex 25:23, 24; 1Ma 7:48

Levitike 24:7

Linaletsana

  • *

    Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 2:2; 6:15

Levitike 24:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 4:7; 1Kr 9:32; 2Kr 2:4

Levitike 24:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 21:22; 22:10; 1Sa 21:4, 6; Mat 12:3, 4; Lu 6:3, 4
  • +Le 6:14, 16

Levitike 24:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 12:38; Nu 11:4

Levitike 24:11

Linaletsana

  • *

    Lena ke lebitso Jehova joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 15 le 16.

  • *

    Kapa: “bitsetsa bomalimabe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:7; 22:28; Le 19:12
  • +Ex 18:22

Levitike 24:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 18:15, 16; Nu 15:32, 34

Levitike 24:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 15:32, 35; De 17:7

Levitike 24:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 5:11

Levitike 24:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 9:6; Ex 21:12; Nu 35:31; De 19:11-13

Levitike 24:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 21:23, 24

Levitike 24:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 19:21; Mat 5:38

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Tsoha!,

    9/2010, maq. 10-11

    Molula-Qhooa,

    9/1/2009, leq. 22

Levitike 24:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 22:1
  • +Ge 9:6; Ex 21:12

Levitike 24:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 12:49; Le 17:10; 19:34; Nu 9:14; 15:16

Levitike 24:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 15:33, 36; De 17:7

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Lev. 24:2Ex 27:20, 21; Nu 8:2
Lev. 24:4Ex 25:31; 39:33, 37; Heb 9:2
Lev. 24:6Ex 40:22, 23; 1Sa 21:4; Mar 2:25, 26
Lev. 24:6Ex 25:23, 24; 1Ma 7:48
Lev. 24:7Le 2:2; 6:15
Lev. 24:8Nu 4:7; 1Kr 9:32; 2Kr 2:4
Lev. 24:9Le 21:22; 22:10; 1Sa 21:4, 6; Mat 12:3, 4; Lu 6:3, 4
Lev. 24:9Le 6:14, 16
Lev. 24:10Ex 12:38; Nu 11:4
Lev. 24:11Ex 20:7; 22:28; Le 19:12
Lev. 24:11Ex 18:22
Lev. 24:12Ex 18:15, 16; Nu 15:32, 34
Lev. 24:14Nu 15:32, 35; De 17:7
Lev. 24:16De 5:11
Lev. 24:17Ge 9:6; Ex 21:12; Nu 35:31; De 19:11-13
Lev. 24:19Ex 21:23, 24
Lev. 24:20De 19:21; Mat 5:38
Lev. 24:21Ex 22:1
Lev. 24:21Ge 9:6; Ex 21:12
Lev. 24:22Ex 12:49; Le 17:10; 19:34; Nu 9:14; 15:16
Lev. 24:23Nu 15:33, 36; De 17:7
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Levitike 24:1-23

Levitike

24 Jehova a re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele hore ba u tlisetse oli e hloekileng ea mohloaare o tutsoeng bakeng sa mabone e le hore a lule a tuka.+ 3 Arone a hlophise hore kamehla mabone a lule a tuka ka ntle ho kharetene ea Bopaki tenteng ea pokano, ho tloha mantsiboea ho fihlela hoseng ka pel’a Jehova. Ke taelo e tla lula e le teng melokong eohle ea lona. 4 Arone a hlophise mabone holim’a seluloana sa lebone+ sa khauta e hloekileng ka pel’a Jehova kamehla.

5 U nke phofo e sitsoeng hantle ’me u etse mahobe a 12 a selika-likoe a lesoba hare. Bohobe bo bong le bo bong bo etsoe ka phofo ea lik’hilokramo tse peli.* 6 U a behe ka lihlopha tse peli, sehlopheng ka seng+ e be a tšeletseng, u a behe holim’a tafole ea khauta e hloekileng ka pel’a Jehova.+ 7 U behe libano tse tšoeu tse hloekileng holim’a sehlopha ka seng ’me li tla tšoantšetsa bohobe ba karolo e emelang nyehelo eohle*+ e chesetsoang Jehova. 8 Ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe, u bo hlophise ka pel’a Jehova kamehla.+ Ke selekane sa ka ho sa feleng le Baiseraele. 9 Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae+ ’me ba tla bo jella sebakeng se halalelang+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae linyehelong tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke molao o tla lula o le teng.”

10 Joale har’a Baiseraele ho ne ho e-na le mora oa mosali oa Moiseraele eo ntate oa hae e neng e le Moegepeta+ eaba o loana le monna oa Moiseraele liahelong. 11 Mora oa mosali oa Moiseraele a qala ho hlompholla lebitso la Molimo* le ho le rohaka.*+ Kahoo, ba mo tlisa ho Moshe.+ ’Mè oa hae e ne e le Shelomithe, morali oa Dibri oa leloko la Dane. 12 Ba ile ba mo beha litlamong ho fihlela ba boleletsoe ka ho hlaka hore na qeto ea Jehova ke efe.+

13 Jehova a re ho Moshe: 14 “Ntšetsang motho ea rohakileng lebitso la ka ka ntle ho liahelo, bohle ba mo utloileng ba behe matsoho hloohong ea hae ’me sechaba sohle se mo tlepetse ka majoe.+ 15 Joale e-re ho Baiseraele, ‘Haeba motho leha e le ofe a rohaka Molimo oa hae, o tla arabella sebe sa hae. 16 Kahoo, motho ea hlomphollang lebitso la Jehova o lokela ho bolaoa.+ Sechaba sohle se mo tlepetse ka majoe. Haeba molichaba a hlompholla lebitso la Molimo, a bolaoe joaloka Moiseraele.

17 Haeba motho a bolaea motho e mong, le eena a bolaoe.+ 18 Motho leha e le ofe ea otlang phoofolo e ruuoang ’me a e bolaea, a e lefelle. Bophelo bakeng sa bophelo. 19 Haeba motho a ntša motho e mong kotsi, le eena a ntšoe kotsi.+ 20 Ho robeha bakeng sa ho robeha, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino. Motho eo a ntšoe kotsi e tšoanang le eo a e ntšitseng motho e mong.+ 21 Motho ea otlang phoofolo ’me a e bolaea, a e lefelle+ empa motho ea bolaeang e mong le eena a bolaoe.+

22 Ho tla etsoa qeto e tšoanang ea boahloli ho molichaba le ho Moiseraele ka tlhaho+ hobane ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”

23 Ka mor’a moo, Moshe a bua le Baiseraele eaba ba ntšetsa motho ea rohakileng lebitso la Molimo ka ntle ho liahelo ’me ba mo tlepetsa ka majoe.+ Baiseraele ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela