Numere
2 Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Baiseraele ba hlome litente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsoeng ho lula teng. Motho e mong le e mong a be pel’a letšoao la moholo-holo oa hae. Ba hlome litente tsa bona hore li potolohe tente ea pokano ’me li shebe ka ho eona.
3 Ba hlomang litente tsa bona ka bochabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Juda ho ea ka lihlopha tsa bona.* Khosana ea bara ba Juda ke Nashone+ mora oa Aminadabe. 4 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+ 5 Leloko la Isakare le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora oa Zuare. 6 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+ 7 Pel’a hae e tla ba leloko la Zabulone. Khosana ea bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora oa Helone. 8 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+
9 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+
10 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Rubene+ se be ka boroa ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Rubene ke Elizure+ mora oa Shedeure. 11 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12 Leloko la Simeone le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 13 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14 Pel’a hae e be leloko la Gade. Khosana ea bara ba Gade ke Eliasafe+ mora oa Reuele. 15 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+
16 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobeli ba ho tloha.+
17 Ha tente ea pokano e tlosoa,+ litente tsa Balevi li be bohareng ba litente tse ling.
Ba tsamaee ka tsela e tšoanang le eo ba hlomang litente ka eona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.
18 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Efraime ke Elishama+ mora oa Amihude. 19 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20 Pel’a hae e be leloko la Manase.+ Khosana ea bara ba Manase ke Gamaliele+ mora oa Pedazure. 21 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22 Pel’a hae e be leloko la Benjamine. Khosana ea bara ba Benjamine ke Abidane+ mora oa Gideoni. 23 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+
24 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+
25 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Dane se be ka leboea ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Dane ke Akiezere+ mora oa Amishadai. 26 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27 Leloko la Ashere le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Ashere ke Pagiele+ mora oa Okrane. 28 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29 Pel’a hae e be leloko la Nefthali. Khosana ea bara ba Nefthali ke Ahira+ mora oa Enane. 30 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+
31 Bohle ba ngolisitsoeng litenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.”
32 Bana ke Baiseraele ba neng ba ngolisitsoe ho ea ka mabitso a baholo-holo ba bona. Bohle ba litenteng ba ngolisitsoeng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33 Empa Balevi ha baa ka ba ngolisoa+ hammoho le Baiseraele ba bang+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 34 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka eona ba neng ba hloma litente lihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka eona,+ e mong le e mong ho ea ka lelapa la habo le ho ea ka mabitso a baholo-holo ba hae.