Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 3
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Deuteronoma

      • Morena Oge oa Bashane oa hloloa (1-7)

      • Ho aroloa naha e ka bochabela ho Jordane (8-20)

      • Joshua o bolelloa hore a se ke a tšoha (21, 22)

      • Moshe ha a lumelloe ho kena naheng (23-29)

Deuteronoma 3:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 21:33-35

Deuteronoma 3:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:33; De 29:7, 8; Jos 13:29, 30

Deuteronoma 3:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:29
  • +Le 18:25

Deuteronoma 3:8

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Phuleng ea Arnone.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:33
  • +Jos 12:1, 2

Deuteronoma 3:10

Linaletsana

  • *

    Kapa: “sehlabeng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 21:33

Deuteronoma 3:11

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Mojaro oa hae oa bafu.”

  • *

    Kapa mohlomong: “lejoe le letšo.”

  • *

    Ka Seheberu: “litsoe tse robong.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

Deuteronoma 3:12

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Phula ea Arnone.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:34
  • +Nu 32:33

Deuteronoma 3:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:39; Jos 13:29-31; 1Kr 5:23

Deuteronoma 3:14

Linaletsana

  • *

    E bolelang “Metsana ea litente ea Jaire.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 2:22
  • +De 3:4
  • +Jos 13:13
  • +Nu 32:40, 41

Deuteronoma 3:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:39; Jos 17:1

Deuteronoma 3:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Phuleng ea Arnone.”

  • *

    Sheba Ntlha ea B4 le B6.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:33; Jos 22:9

Deuteronoma 3:17

Linaletsana

  • *

    E leng Leoatle le Shoeleng.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 34:11, 12

Deuteronoma 3:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 32:20-22

Deuteronoma 3:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 1:14, 15; 22:4, 8

Deuteronoma 3:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 11:28; 14:30; 27:18
  • +Jos 10:25

Deuteronoma 3:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 14:14; 15:3; De 1:30; 20:4; Jos 10:42

Deuteronoma 3:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 15:16; De 11:2
  • +Ex 15:11; 2Sa 7:22; 1Ma 8:23; Ps 86:8; Jer 10:6, 7

Deuteronoma 3:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 3:8; De 1:7; 11:11, 12

Deuteronoma 3:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 20:12; 27:13, 14; De 4:21; Ps 106:32

Deuteronoma 3:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 27:12
  • +De 34:1, 4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa mwb, 2/2020, maq. 1-2

Deuteronoma 3:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 27:18-20; De 1:38; 31:7
  • +Jos 1:1, 2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa mwb, 2/2020, maq. 1-2

Deuteronoma 3:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:45, 46; 34:5, 6

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Deut. 3:1Nu 21:33-35
Deut. 3:4Nu 32:33; De 29:7, 8; Jos 13:29, 30
Deut. 3:6Le 27:29
Deut. 3:6Le 18:25
Deut. 3:8Nu 32:33
Deut. 3:8Jos 12:1, 2
Deut. 3:10Nu 21:33
Deut. 3:12Nu 32:34
Deut. 3:12Nu 32:33
Deut. 3:13Nu 32:39; Jos 13:29-31; 1Kr 5:23
Deut. 3:141Kr 2:22
Deut. 3:14De 3:4
Deut. 3:14Jos 13:13
Deut. 3:14Nu 32:40, 41
Deut. 3:15Nu 32:39; Jos 17:1
Deut. 3:16Nu 32:33; Jos 22:9
Deut. 3:17Nu 34:11, 12
Deut. 3:18Nu 32:20-22
Deut. 3:20Jos 1:14, 15; 22:4, 8
Deut. 3:21Nu 11:28; 14:30; 27:18
Deut. 3:21Jos 10:25
Deut. 3:22Ex 14:14; 15:3; De 1:30; 20:4; Jos 10:42
Deut. 3:24Ex 15:16; De 11:2
Deut. 3:24Ex 15:11; 2Sa 7:22; 1Ma 8:23; Ps 86:8; Jer 10:6, 7
Deut. 3:25Ex 3:8; De 1:7; 11:11, 12
Deut. 3:26Nu 20:12; 27:13, 14; De 4:21; Ps 106:32
Deut. 3:27Nu 27:12
Deut. 3:27De 34:1, 4
Deut. 3:28Nu 27:18-20; De 1:38; 31:7
Deut. 3:28Jos 1:1, 2
Deut. 3:29De 4:45, 46; 34:5, 6
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Deuteronoma 3:1-29

Deuteronoma

3 Joale ra nka tsela e ’ngoe ’me ra nyoloha ka Tsela ea Bashane. Oge morena oa Bashane a tsoa le batho ba hae ho tla re loantša Edrei.+ 2 Kahoo, Jehova a re ho ’na, ‘U se ke oa mo tšaba hobane ke tla nehelana ka eena le batho ba hae le naha ea hae letsohong la hao ’me u tla mo etsa seo u ileng oa se etsa ho Sihone morena oa Baamore ea neng a lula Heshbone.’ 3 Kahoo, Jehova Molimo oa rona a nehelana le ka Morena Oge oa Bashane le batho bohle ba hae matsohong a rona ’me ra ’na ra mo loantša ho fihlela batho bohle ba hae ba shoele. 4 Eaba re hapa metse eohle ea hae. Ha ho na motse oo re sa kang ra o nka ho bona. Re nkile metse e 60 sebakeng sohle sa Argobe e leng ’muso oa Oge o Bashane.+ 5 Metse ena kaofela e ne e sirelelitsoe ka marako, likeiti le mekoallo. Re ile ra boela ra nka le metse e mengata e menyenyane. 6 Leha ho le joalo, ra e felisa+ feela joalokaha re ne re entse ho Morena Sihone oa Heshbone, ka ho felisa motse o mong le o mong ho akarelletsa banna, basali le bana.+ 7 Ra inkela le mehlape eohle le lintho tseo re li hapileng metseng eo.

8 Ka nako eo, re ile ra nka naha ea marena a mabeli a Baamore+ a neng a le sebakeng sa Jordane, ho tloha Khohlong ea Arnone* ho ea fihla Thabeng ea Hermone+ 9 (thaba eo Basidone ba neng ba e bitsa Sirione ’me Baamore ba e bitsa Senire), 10 metse eohle e sebakeng se phahameng,* Gileade eohle le Bashane eohle ho ea fihla Salka le Edrei+ e leng metse ea ’muso oa Oge o Bashane. 11 Morena Oge oa Bashane e ne e le oa ho qetela oa ba setseng ho Barefaime. Lekase* la hae le ne le entsoe ka tšepe.* Le ntse le le Raba motseng oa Baamone. Le ne le le bolelele ba limithara tse ’nè* ’me le le bophara ba limithara tse ka bang peli* ho latela tekanyo e behiloeng. 12 Ka nako eo, re ile ra nka naha ena: Ho tloha Aroere+ e pel’a Khohlo ea Arnone* le halofo ea sebaka se lithaba sa Gileade ’me metse ea eona ke e file Barubene le Bagade.+ 13 Karolo e ’ngoe kaofela ea Gileade le Bashane eohle ea ’muso oa Oge ke e file halofo ea leloko la Manase.+ Sebaka sohle sa Argobe e leng sa Bashane, se ne se tsejoa e le naha ea Barefaime.

14 Jaire+ mora oa Manase a nka sebaka sohle sa Argobe+ ho ea fihla moeling oa Bageshure le Bamakathe+ ’me a rehella metsana eo ea Bashane ka eena. E ntse e bitsoa Havothe-jaire*+ ho fihlela letsatsing lena. 15 Ke ile ka fa Makire Gileade.+ 16 Eaba ke fa Barubene le Bagade+ ho tloha Gileade ho ea Khohlong ea Arnone.* Bohareng ba khohlo ke moeli* le ho ea fihla Jaboke, e leng khohlo eo e leng moeli oa Baamone. 17 Ka ba fa le Araba le Jordane le moeli oa eona ho tloha Kinerethe ho ea Leoatleng la Araba e leng Leoatle la Letsoai,* qalong ea moepa oa Pisga ka bochabela.+

18 Eaba ke le fa taelo ena: ‘Jehova Molimo oa lona o le file naha ena hore e be ea lona. Banna bohle ba lona ba sebete ba tla nka lihlomo ’me ba tšele pele ho bana ba bo lona e leng Baiseraele.+ 19 Ke feela basali ba lona, bana ba lona le mehlape ea lona (ke tseba hantle hore le na le mehlape e mengata) ba tlang ho tsoela pele ba lula metseng eo ke le fileng eona 20 ho fihlela Jehova a fa bana ba bo lona phomolo joalokaha a le file ’me le bona ba nkile naha eo Jehova Molimo oa lona a tla ba fa eona ka nģ’ane ho Jordane. Ka mor’a moo, e mong le e mong o tla khutlela lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+

21 Ka nako eo ka fa Joshua+ taelo ena: ‘U bone ka mahlo hore na Jehova Molimo oa lona o entse’ng ho marena ana a mabeli. Jehova o tla etsa se tšoanang ka mebuso eohle eo le tla feta ho eona.+ 22 Le se ke la ba tšaba hobane Jehova Molimo oa lona ke eena ea le loanelang.’+

23 Ka nako eo ka kopa Jehova ka re, 24 ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u qalile ho bontša mohlanka oa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla,+ ke molimo ofe ea maholimong kapa lefatšeng ea etsang liketso tse matla joaloka uena?+ 25 Ke kopa u ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle e ka nģ’ane ho Jordane, sebaka sena se setle se lithaba le Lebanone.’+ 26 Empa Jehova o ne a ntse a nkhalefetse ka lebaka la lona+ ’me o ne a ke ke a ’mamela. Ho e-na le hoo, Jehova a re ho ’na, ‘Ho lekane! U se ke oa hlola u bua le ’na hape ka taba ena. 27 Nyolohela ka holim’a Pisga,+ u shebe ka bophirimela, ka leboea, ka boroa le ka bochabela ’me u bone naha ka mahlo a hao kaha u ke ke oa tšela Jordane+ ena. 28 Khetha Joshua+ hore e be moeta-pele, u mo khothatse ’me u mo matlafatse hobane ke eena ea tla etella sechaba sena pele+ hore se kene naheng eo u tla e bona.’ 29 Lintho tsena tsohle li etsahetse ha re ne re lula khohlong e ka pel’a Bethe-peore.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela