30 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a re ho sechaba: “Lōna—le entse sebe se seholo,+ ’me joale ke tla nyolohela ho Jehova. Mohlomong nka etsa puseletso bakeng sa sebe sa lōna.”+
8 Empa haeba a ke ke a khona ho fana ka nku, joale a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli,+ le leng bakeng sa nyehelo ea secheso le leng bakeng sa nyehelo ea sebe, ’me moprista a koahele libe+ tsa hae, ’me e tla ba ea hloekileng.’”
25 Moprista a koahele libe+ tsa phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ’me ba tla tšoareloa; hobane e ne e le phoso,+ ’me ba tlisitse nyehelo ea bona e le nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo le nyehelo ea bona ea sebe ka pel’a Jehova bakeng sa liphoso tsa bona.
17 Ka lebaka leo o ile a tlameha ho ba joaloka “barab’abo” ka litsela+ tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo,+ e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano+ bakeng sa libe tsa batho.+