15 “A hlabe pōli ea nyehelo ea sebe, bakeng sa sechaba,+ ’me a tlise mali a eona ka har’a lesira+ ’me a etse ka mali+ a eona ka tsela e tšoanang le kamoo a entseng kateng ka mali a poho; a a fafatse nģ’a sekoahelo le ka pel’a sekoahelo.
28 Feela joalokaha Mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa+ le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”+
16 “Ke na le linku+ tse ling, tseo e seng tsa lesaka+ lena; le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe+ la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa+ a be mong.
14 Kahoo hang-hang ka re ho eena: “Moren ’a ka, ke uena ea tsebang.” A re ho ’na: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong+ a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse+ maling+ a Konyana.