Exoda 25:8 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 8 Ba nketsetse sehalalelo, kaha ke tla lula har’a bona.+ Levitike 26:12 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 12 Ke tla tsamaea har’a lōna ke be Molimo oa lōna,+ ’me le tla ba sechaba sa ka.+ Deuteronoma 5:26 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 26 Etsoe ke mang har’a nama eohle ea utloileng lentsoe la Molimo ea phelang+ le bua har’a mollo joaloka rōna ’me leha ho le joalo a ’na a phela? Pesaleme 46:1 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 46 Molimo ke setšabelo le matla a rōna,+Thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.+ Pesaleme 145:18 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 18 Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena,+Bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete.+
26 Etsoe ke mang har’a nama eohle ea utloileng lentsoe la Molimo ea phelang+ le bua har’a mollo joaloka rōna ’me leha ho le joalo a ’na a phela?