Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 33:52
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lōna ’me le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe,+ ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe+ e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.+

  • Deuteronoma 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Ka lehlakoreng le leng, sena ke seo le lokelang ho ba etsa sona: Le lokela ho heletsa lialetare tsa bona,+ ’me le heletse litšiea tsa bona tse halalelang,+ le reme+ lipalo tsa bona tse halalelang,+ ’me le chese ka mollo litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+

  • Deuteronoma 7:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Le lokela ho chesa litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea tsona mollong.+ U se ke ua lakatsa silevera le khauta e ho tsona,+ kapa hona ho inkela eona,+ esere ua tšoasoa+ ke eona; etsoe ke ntho e manyala+ ho Jehova Molimo oa hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela