2 “‘Kapa haeba moea o ama ntho e sa hloekang, ebang ke setopo sa sebata kapa setopo sa phoofolo e ruuoang e sa hloekang kapa setopo sa sebōpuoa se nyekenyehang se sa hloekang,+ le hoja o patetsoe seo,+ ho ntse ho le joalo ha oa hloeka ’me o molato.+
3 Moprista a talime lefu le letlalong la ’mele.+ Ha mohoete oa moo lefu le leng teng o le mosoeu ’me lefu le bonahala le phobetse letlalong la ’mele oa hae, ke lefu la lepera. Moprista a le talime, ’me a bolele hore ha aa hloeka.