Levitike
5 “‘Joale haeba moea+ o etsa sebe ka hore ebe o utloile thohako+ ea phatlalatsa ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe,+ joale o arabelle phoso ea oona.
2 “‘Kapa haeba moea o ama ntho e sa hloekang, ebang ke setopo sa sebata kapa setopo sa phoofolo e ruuoang e sa hloekang kapa setopo sa sebōpuoa se nyekenyehang se sa hloekang,+ le hoja o patetsoe seo,+ ho ntse ho le joalo ha oa hloeka ’me o molato.+ 3 Kapa haeba o ama ho se hloeke ha motho mabapi le ho se hloeke+ leha e le hofe ha hae ho ka mo silafatsang, le hoja o ne o patetsoe seo, empa leha ho le joalo o tsebile ka seo, joale o molato.
4 “‘Kapa haeba moea o hlapanya ho isa bohōleng ba ho bua o sa nahane+ ka molomo oa oona ho etsa bobe+ kapa ho etsa se molemo mabapi le ntho leha e le efe eo motho a ka e buang a sa nahane polelong e hlapanyelitsoeng,+ le hoja o patetsoe seo, empa leha ho le joalo o tsebile ka seo, joale o molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena.
5 “‘Haeba o e-ba molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena, joale o bolele+ hore na o entse sebe ka tsela efe. 6 O tlise nyehelo ea oona ea molato+ ho Jehova bakeng sa sebe seo o se entseng, e leng, e tšehali ho tsoa mohlapeng oa likhutšoane, konyana e tšehali kapa potsanyane e tšehali,+ bakeng sa nyehelo ea sebe; ’me moprista a koahele libe tsa oona bakeng sa sebe sa oona.+
7 “‘Leha ho le joalo, haeba o sa khone ho fana ka nku,+ joale o tlise ho Jehova maebana-khoroana+ a mabeli kapa maebana a mabeli e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe seo o se entseng, le leng bakeng sa nyehelo ea sebe+ ’me le leng bakeng sa nyehelo ea secheso. 8 O a tlise ho moprista, eo pele a lokelang ho hlahisa la nyehelo ea sebe ’me a le soenetse+ molala karolong e ka pele ea molala oa lona, empa ha aa lokela ho o khaola. 9 A fafatse mali a mang a nyehelo ea sebe lehlakoreng la aletare, empa mali a setseng a tla fophisoa karolong e ka tlaase ea aletare.+ Ke nyehelo ea sebe. 10 Le leng o tla le etsa nyehelo ea secheso ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ moprista a koahele libe+ tsa oona bakeng sa sebe sa oona seo o se entseng, kahoo o tla se tšoareloa.+
11 “‘Joale haeba o se na matla+ a ho fumana maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, joale bakeng sa nyehelo ea oona ea sebe seo o se entseng o tlise karolo ea leshome ea efa+ ea phofo e thumisehileng bakeng sa nyehelo ea sebe. O se ke oa tšela oli+ holim ’a eona ’me o se ke oa beha libano tse tšoeu holim ’a eona, etsoe ke nyehelo ea sebe.+ 12 O e tlise ho moprista, ’me moprista a qotse lefupu ho eona e le khopotso+ ea eona ’me a etse hore e kubelle aletareng holim ’a linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo.+ Ke nyehelo ea sebe.+ 13 Moprista a koahele libe+ tsa oona bakeng sa sebe sa oona seo o se entseng, leha e le sefe libeng tsena, ’me kahoo o tla se tšoareloa; ’me e tla ba ea moprista+ ho tšoana le nyehelo ea lijo-thollo.’”
14 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 15 “Haeba moea o itšoara ka ho se tšepahale ka hore o etse sebe ka phoso khahlanong le lintho tse halalelang tsa Jehova,+ joale o tlise ho Jehova pheleu e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa likhutšoane e le nyehelo ea oona ea molato,+ ho ea ka tefello e lekantsoeng ea lishekele tsa silevera,+ ka shekele ea sebaka se halalelang, e le nyehelo ea molato. 16 O tla etsa puseletso bakeng sa sebe seo o se entseng khahlanong le sebaka se halalelang ’me o tla e eketsa ka karolo ea eona ea bohlano,+ ’me o e fe moprista, hore moprista a koahele libe+ tsa oona ka pheleu ea nyehelo ea molato, ’me kahoo o tla se tšoareloa.+
17 “Haeba moea o etsa sebe ka hore o etse e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laelang hore li se ke tsa etsoa, le hoja o sa tseba seo,+ leha ho le joalo o molato ’me o tla arabella phoso ea oona.+ 18 O tlise pheleu e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa likhutšoane ho ea ka tefello e lekantsoeng, bakeng sa nyehelo ea molato,+ ho moprista; ’me moprista a koahele libe+ tsa oona bakeng sa phoso ea oona eo o e entseng e se ka morero, le hoja o sa tseba seo, ’me kahoo o tla e tšoareloa.+ 19 Ke nyehelo ea molato. Ruri o molato+ ho Jehova.”