31 “Ke tla beha moeli oa lōna ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nōkeng;+ hobane ke tla nehelana ka baahi ba naha matsohong a lōna, ’me ka sebele le tla ba leleka ka pel’a lōna.+
44 Ho feta moo, Jehova a ba fa phomolo+ ka hohle, ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a hlapanyelitse+ baholo-holo ba bona ka eona, ’me ha ho le se seng sa lira tsohle tsa bona se ileng sa ema ka pel’a bona.+ Jehova o ile a nehelana ka lira tsohle tsa bona matsohong a bona.+
24 Kahoo bara ba bona+ ba kena eaba ba rua naha,+ ’me ua kokobetsa+ ka pel’a bona baahi ba naha, Bakanana,+ ua nehelana ka bona matsohong a bona, esita le marena a bona+ le lichaba tsa naha,+ hore ba etse ka bona ho ea ka ho rata ha bona.+