Exoda
23 “U se ke ua bolela tlaleho ea bohata.+ U se ke ua sebelisana ’moho le ea khopo ka ho fetoha paki e rerang pefo.+ 2 U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe;+ ’me u se ke ua paka tsekong hore u khelohe le bongata bakeng sa ho khopamisa toka.+ 3 Ha e le ea tlaase, u se ke ua bontša leeme tsekong ea hae.+
4 “Haeba u ka teana le poho ea sera sa hao kapa esele ea sona e hlahlathela, u e khutlisetse ho sona.+ 5 Haeba u ka bona esele ea motho ea u hloileng e bothile tlas’a mojaro oa eona, u se ke ua mo siea. Ruri u e lokolle le eena.+
6 “U se ke ua khopamisa qeto ea boahloli ea motho oa heno oa mofutsana tsekong ea hae.+
7 “U be hōle le lentsoe la bohata.+ ’Me u se ke ua bolaea ea hlokang molato le ea lokileng, etsoe nke ke ka bolela hore ea khopo o lokile.+
8 “U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng ’me e ka khopamisa mantsoe a batho ba lokileng.+
9 “U se ke ua hatella mojaki,+ etsoe le tsebile moea oa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ea Egepeta.+
10 “Ka lilemo tse tšeletseng u jale tšimo ea hao peō ’me u bokelle lihlahisoa tsa eona.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa u e tlohele e sa lengoa ’me u e lese e lale,+ ’me mafutsana ho batho ba heno a je ho eona; se siiloeng ke ’ona se tla jeoa ke libata tsa naha.+ Ke tsela eo u tla etsa ka eona ka serapa sa hao sa morara le moru oa hao oa mohloaare.
12 “U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng;+ empa u khaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ea hao le esele ea hao li phomole le mora oa lekhabunyane la hao le mojaki ba ikhatholle.+
13 “Le itebele mabapi le sohle seo ke le boleletseng sona;+ ’me le se ke la bolela mabitso a melimo e meng. Ha aa lokela ho utluoa melomong ea lōna.+
14 “U tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+ 15 U tla boloka mokete oa mahobe a sa lomosoang.+ U tla ja mahobe a sa lomosoang+ ka matsatsi a supileng, feela joalokaha ke u laetse, ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe,+ hobane ka eona u ile ua tsoa Egepeta. Ba se ke ba itlhahisa ho ’na ba sa nka letho.+ 16 Le mokete oa kotulo ea litholoana tsa pele tse butsoitseng+ tsa mesebetsi ea lōna, tsa seo le se jalang tšimong;+ le mokete oa ho bokella ha selemo se fela, ha le bokella mesebetsi ea lōna tšimong.+ 17 Ka makhetlo a mararo ka selemo e mong le e mong e motona oa hao o tla hlaha ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova.+
18 “Mali a sehlabelo sa ka u se ke ua a etsa sehlabelo hammoho le se lomositsoeng. Mafura a mokete oa ka ha aa lokela ho hlola bosiu ho fihlela hoseng.+
19 “U tlise litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng tsa mobu ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+
“U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+
20 “Bona! ke romela lengeloi+ hore le u etelle pele hore le u boloke tseleng ’me le u tlise sebakeng seo ke se lokisitseng.+ 21 Itebele ka lebaka la lona ’me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le fetohela, etsoe le ke ke la tšoarela litlōlo tsa lōna;+ hobane lebitso la ka le ho lona. 22 Leha ho le joalo, haeba u mamela lentsoe la lona ka tieo ’me u hlile u etsa sohle seo ke tla se bolela,+ joale ka sebele ke tla ba sera ho lira tsa hao ’me ke tšoenye ba u tšoenyang.+ 23 Etsoe lengeloi la ka le tla u etella pele ’me le tla u tlisa ho Baamore le Bahethe le Bapereze le Bakanana, Baheve le Bajebuse, ’me ka sebele ke tla ba felisa.+ 24 U se ke ua inamela melimo ea bona kapa ua hlohlelletsoa hore u e sebeletse, ’me u se ke ua etsa ntho leha e le efe e tšoanang le mesebetsi ea bona,+ empa ruri u ba felise ’me ruri u heletse litšiea tsa bona tse halalelang.+ 25 Le sebeletse Jehova Molimo oa lōna,+ ’me ka sebele o tla hlohonolofatsa bohobe ba lōna le metsi a lōna;+ ruri ke tla tlosa lefu har’a lōna.+ 26 Naheng ea habo lōna ho ke ke ha e-ba le mosali ea senyeheloang kapa nyopa.+ Ke tla tlatsa palo ea matsatsi a lōna.+
27 “Ke tla romela ho ntšaba ka pel’a lōna,+ ’me ka sebele ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla tla ho tsona, ’me ruri ke tla le fa sekotlo sa lira tsohle tsa lōna.+ 28 Ke tla romela ho nyahama ka pel’a lōna,+ ’me ho tla leleka Baheve, Bakanana le Bahethe ka pel’a lōna.+ 29 Nke ke ka ba leleka ka pel’a lōna ka selemo se le seng, hore naha e se ke ea fetoha lesupi ’me libata tsa naha tsa ata khahlanong le lōna.+ 30 Ke tla li leleka butle-butle ka pel’a lōna, ho fihlela le ata ’me le rua naha.+
31 “Ke tla beha moeli oa lōna ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nōkeng;+ hobane ke tla nehelana ka baahi ba naha matsohong a lōna, ’me ka sebele le tla ba leleka ka pel’a lōna.+ 32 U se ke ua hlaba selekane le bona kapa le melimo ea bona.+ 33 Ha baa lokela ho lula naheng ea lōna, hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba u sebeletsa melimo ea bona, seo e tla ba leraba ho uena.”+