11 Hape lengeloi la Jehova la eketsa la re ho eena: “Bona! u imme, ’me u tla tsoala mora ’me u tla mo reha lebitso la Ishmaele;+ etsoe Jehova o utloile mahloreho a hao.+
13 Joale ana ke mabitso a bara ba Ishmaele, ka mabitso a bona, ho ea ka metso ea malapa a bona: letsibolo la Ishmaele Nebajothe+ le Kedare+ le Adbele le Mibsame+
9 Kahoo Esau a ea ho Ishmaele ’me a nka Mahalathe morali oa Ishmaele mora oa Abrahama, khaitseli ea Nebajothe, hore e be mosali oa hae, ho phaella ho basali ba bang ba hae.+
28 Joale banna, bahoebi ba Bamidiane,+ ba feta. Kahoo ba hula Josefa ba mo nyolla ka sekoting sa metsi+ ba ntan’o rekisa Josefa ho Baishmaele ka likotoana tsa silevera tse mashome a mabeli.+ Qetellong ba tlisa Josefa Egepeta.