Joshua 1:2 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 2 “Mohlanka oa ka Moshe o shoele;+ joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele.+ Joshua 11:23 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 23 Kahoo Joshua a nka naha eohle, ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se tšepisitse Moshe,+ ’me joale Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona, ho ea ka meloko ea eona.+ Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+ Pesaleme 44:3 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 3 Etsoe ha baa ka ba rua naha ka lisabole tsa bona,+Matsoho a bona hase ’ona a ileng a ba tlisetsa poloko.+Etsoe ke letsoho la hao le letona le seatla+ sa hao le leseli la sefahleho sa hao,Kahobane u ile ua khahlisoa ke bona.+
2 “Mohlanka oa ka Moshe o shoele;+ joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele.+
23 Kahoo Joshua a nka naha eohle, ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se tšepisitse Moshe,+ ’me joale Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona, ho ea ka meloko ea eona.+ Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+
3 Etsoe ha baa ka ba rua naha ka lisabole tsa bona,+Matsoho a bona hase ’ona a ileng a ba tlisetsa poloko.+Etsoe ke letsoho la hao le letona le seatla+ sa hao le leseli la sefahleho sa hao,Kahobane u ile ua khahlisoa ke bona.+