Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 5:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Bona! ke nahana ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa ka ntlo,+ feela joalokaha Jehova a tšepisitse Ntate Davida, a re, ‘Mora oa hao eo ke tla mo beha teroneng ea hao sebakeng sa hao, ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+

  • 1 Marena 6:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Ha e le ntlo ena eo u e hahang, haeba u tla tsamaea ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ’me u phethe liqeto tsa ka tsa boahloli+ ’me u boloke litaelo tsohle tsa ka ka ho tsamaea ho tsona,+ le ’na ka sebele ke tla phetha lentsoe la ka ka uena leo ke le boleletseng ntat’ao Davida;+

  • 1 Likronike 17:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke eena ea tla nkahela ntlo,+ ’me ka sebele ke tla tiisa terone ea hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • 1 Likronike 22:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ke eena ea tla hahela lebitso+ la ka ntlo, ’me e tla ba mora+ oa ka, ’me ’na ke be ntat’ae.+ Ka sebele ke tla tiisa terone ea borena+ ba hae ka thata holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’

  • Zakaria 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 O tla haha tempele ea Jehova, ’me o tla jara ho hlompheha;+ ’me o tla lula fatše le ho busa a le holim ’a terone ea hae, ’me e tla ba moprista holim ’a terone ea hae,+ ’me morero oa khotso+ o tla ba pakeng tsa bona ka bobeli.

  • Baheberu 3:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 empa Kreste o ile a tšepahala e le Mora+ holim ’a ntlo ea Eo. Re ntlo ea Eo,+ haeba re tiisa ho tšoarella ha rōna ka tieo ho bueng ha rōna ka bolokolohi le ho ithoriseng ha rōna ka tšepo ho isa bofelong.+

  • 1 Petrose 2:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 le lōna joaloka majoe a phelang le ntse le hahoa le le ntlo ea moea+ ka morero oa boprista bo halalelang, ho nyehela mahlabelo+ a moea a amohelehang ho Molimo ka Jesu Kreste.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2023)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela