4 Ka mor’a moo Davida a romela manģosa e le hore a ka mo nka.+ Kahoo a kena ho eena+ eaba o robala le eena,+ ha a ntse a ikhalaletsa ho se hloekeng ha hae.+ Hamorao a khutlela ntlong ea hae.
8 Qetellong Davida a re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u itlhatsoe maoto.”+ Ka lebaka leo Uria a tsoa ntlong ea morena, ’me mpho ea mosa ea morena ea mo latela.
13 Ho ekelletsa moo, Davida a mo bitsa e le hore a ka ja ka pel’a hae le ho noa. Kahoo a mo tahisa.+ Leha ho le joalo, a tsoa ka shoalane ho ea robala betheng ea hae le bahlanka ba morena oa hae, ’me ha aa ka a theohela ntlong ea hae.