Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Ha qetellong Jehova Molimo oa hao a u tlisa naheng eo u eang ho e rua,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a hao,+ Bahethe+ le Bagirgashe+ le Baamore+ le Bakanana+ le Bapereze+ le Baheve+ le Bajebuse,+ lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho u feta.+

  • Joshua 10:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Joshua a hapa marena ana ’ohle le naha ea ’ona ka nako e le ’ngoe,+ hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+

  • Joshua 21:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Ho feta moo, Jehova a ba fa phomolo+ ka hohle, ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a hlapanyelitse+ baholo-holo ba bona ka eona, ’me ha ho le se seng sa lira tsohle tsa bona se ileng sa ema ka pel’a bona.+ Jehova o ile a nehelana ka lira tsohle tsa bona matsohong a bona.+

  • Joshua 24:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Kahoo ka romela ho nyahama ka pel’a lōna, eaba butle-butle ho ba leleka ka pel’a lōna+—marena a mabeli a Baamore—eseng ka lisabole tsa lōna eseng le ka liqha tsa lōna.+

  • Pesaleme 44:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 U ile ua leleka lichaba ka letsoho la hao,+

      Ho e-na le tsona ua hloma bona.+

      Ua felisa lihlopha tsa lichaba le ho li leleka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela