27 Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ruri ho tla sala ba fokolang+ ka palo ho lōna lichabeng tseo Jehova a tla le lelekela ho tsona.
3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+
8 “Ka kōpo, u hopole+ lentsoe leo u le laetseng mohlanka oa hao Moshe, le reng, ‘Haeba le ka etsa ka ho se tšepahale, ke tla le hasanya har’a lichaba.+
17 “Baiseraele ke linku tse hlahlathetseng.+ Litau li li qhalakantse.+ Lekhetlong la pele morena oa Assyria o ba timelitse,+ ’me lekhetlong lena la bobeli Nebukadrezare morena oa Babylona o phurile masapo a bona.+
14 ‘Ka tsoela pele ka mokhoa oa moea o matla oa sefefo ho ba akhela ho pholletsa le lichaba+ tsohle tseo ba neng ba sa ka ba li tseba;+ ’me naha e tlohetsoe hore e be lesupi ka mor’a bona, ho se ea fetang ’me ho se ea khutlang;+ ’me ba etsa naha e lakatsehang+ ntho e makalloang.’”