Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Joale haeba le tla mamela+ lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka,+ joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle,+ hobane lefatše lohle ke la ka.+

  • Exoda 31:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’”+

  • Deuteronoma 4:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 “Ka kōpo, joale botsang ka matsatsi a pele+ a bileng teng pele ho lōna, ho tloha letsatsing la ha Molimo a bōpa motho lefatšeng+ le ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea maholimo, Na ho na le ntho leha e le efe e khōlō e kileng ea hlaha e joaloka ee kapa na ho kile ha utluoa ntho leha e le efe e kang eona?+

  • Deuteronoma 7:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Etsoe le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.+ Ke lōna bao Jehova Molimo oa lōna a le khethileng hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng, har’a lichaba tsohle tse holim ’a lefatše.+

  • Baroma 3:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Li khōlō haholo ka litsela tsohle. Pele ho tsohle, hobane liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo+ li ile tsa behoa tlhokomelong ea bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela