24 Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.+ Sena le sona ke se bone, hore sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete.+
22 Ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabe mesebetsing ea hae,+ etsoe seo ke kabelo ea hae; kahobane ke mang ea tlang ho mo tlisa hore a talime se tlang ho ba teng ka mor’a hae?+
22 Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.+