4 “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+
15 “Le hlokomele meea+ ea lōna haholo, hobane ha lea ka la bona sebōpeho+ leha e le sefe letsatsing leo ka lona Jehova a neng a bua le lōna Horebe har’a mollo,
16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+
29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+