Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “‘Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela,+ ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng+ kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo+ naheng ea lōna hore le le inamele;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Deuteronoma 4:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+

  • Deuteronoma 5:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng,+ sebōpeho+ leha e le sefe se kang ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.

  • Esaia 40:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Empa le ka ntšoantša le mang hoo nka lekanngoang le eena?” ho bolela Mohalaleli.+

  • Liketso 17:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+

  • 1 Bakorinthe 8:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+

  • Tšenolo 9:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Empa batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolaoa ke likotlo tsena ha baa ka ba bakela mesebetsi ea matsoho a bona,+ e le hore ba se ke ba rapela bademona+ le litšoantšo tse rapeloang tsa khauta le silevera+ le koporo le lejoe le lehong, tse ke keng tsa bona kapa tsa utloa kapa tsa tsamaea;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela