16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+
4 le ka lebaka la mali+ a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.+
7 Maoto a bona a ntse a mathela bobeng,+ ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato.+ Menahano ea bona ke menahano e kotsi;+ tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.+
34 Hape, liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea+ ea mafutsana a hlokang molato.+ Ha kea a fumana ketsong ea ho thuha, empa a holim ’a tsena tsohle.+
35 e le hore mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng+ a ka tla holim ’a lōna, ho tloha maling a Abele+ ea lokileng+ ho ea maling a Zakaria mora oa Barakia, eo le ileng la mo bolaela pakeng tsa sehalalelo le aletare.+