Esaia
59 Bonang! Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa,+ leha e le hore tsebe ea hae e thibane hoo e ke keng ea utloa.+ 2 Che, empa liphoso tsa lōna ke lintho tse bakang karohano pakeng tsa lōna le Molimo+ oa lōna, ’me libe tsa lōna li entse hore a le patele sefahleho hore a se ke a utloa.+ 3 Etsoe matsoho a lōna a silafalitsoe ke mali,+ le menoana ea lōna e silafalitsoe ke phoso. Melomo ea lōna e buile leshano.+ Maleme a lōna a ’nile a honotha ho se loke.+ 4 Ha ho ea hoeletsang ka ho loka,+ ’me ho hang ha ho ea ileng khotla ka botšepehi. Ho tšepiloe ntho eo e seng ea sebele,+ ’me ho buuoa se se nang thuso.+ Ho emotsoe khathatso, ’me ha tsoaloa se kotsi.+
5 Ba qhotsitse mahe a noha e chefo, ’me ba ’na ba loha tepo ea sekho.+ Mang kapa mang ea jang mahe a bona o tla shoa, ’me lehe le pshatliloeng le tla qhotsoa e be marabe.+ 6 Tepo ea bona e ke ke ea e-ba seaparo, leha e le hore ba tla ikoahela ka mesebetsi ea bona.+ Mesebetsi ea bona ke mesebetsi e kotsi, ’me mosebetsi oa pefo o matsohong a bona.+ 7 Maoto a bona a ntse a mathela bobeng,+ ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato.+ Menahano ea bona ke menahano e kotsi;+ tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.+ 8 Ba hlokomolohile tsela ea khotso,+ ’me ha ho toka litseleng tsa bona.+ Ba khopamisitse litsela tsa bona.+ Ha ho ea hatang ho tsona ea tla tseba khotso.+
9 Ke ka lebaka leo toka e leng hōle le rōna, le ho loka ho sa re fumaneng. Re ntse re lebeletse leseli, empa, bonang! lefifi; re lebeletse khanya, empa ra ’na ra tsamaea botšong bo sa khaotseng.+ 10 Re ntse re phopholetsa lebota joaloka lifofu, ’me re ntse re phopholetsa joaloka ba se nang mahlo.+ Re khopiloe motšehare o moholo joalokaha eka ke shoalane; har’a linatla re joaloka batho ba shoeleng.+ 11 Re ntse re bobola, kaofela ha rōna, joaloka libere; ’me re ntse re kuruetsa re siame joaloka maeba.+ Re ’nile ra lebella toka,+ empa e ne e le sieo; ra lebella poloko, empa e lutse hōle le rōna.+ 12 Etsoe bofetoheli ba rōna bo ngatafetse ka pel’a hao;+ ha e le libe tsa rōna, se seng le se seng se pakile khahlanong le rōna.+ Etsoe bofetoheli ba rōna bo ho rōna; ha e le liphoso tsa rōna, re li tseba hantle.+ 13 Ho bile le ho etsa tlōlo le ho latola Jehova;+ ho bile le ho tloha ho Molimo oa rōna, ho bua ka khatello le bofetoheli,+ ho nahana le ho honotha mantsoe a leshano ho tsoa ka pelong.+ 14 Toka e ile ea qobelloa ho boela morao,+ ’me ho loka ha ’na ha emella hōle.+ Etsoe ’nete e khopiloe lepatlelong, ’me se nepahetseng ha se khone ho kena.+ 15 ’Nete ea haella,+ ’me e mong le e mong ea furallang bobe oa tlatlapuoa.+
Jehova o bone, ’me ho bile hobe mahlong a hae hore ebe ha ho na toka.+ 16 Ha a bona hore ho ne ho se na motho, a qala ho iponahatsa a maketse hore ebe ho ne ho se na ea kenang lipakeng.+ Eaba letsoho la hae le pholosa bakeng sa hae, ’me ho loka ha hae ke hona ho ileng ha mo tšehetsa.+ 17 Joale a apara ho loka joaloka seaparo se makhakhapha a tšepe,+ ’me a roala helmete ea poloko hloohong.+ Ho feta moo, a apara liaparo tsa phetetso+ ’me a ikapesa cheseho joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+ 18 O tla putsa ka ho lekanang tumellanong le mesebetsi,+ khalefo ho bahanyetsi ba hae, tšoaro e loketseng ho lira tsa hae.+ Ho lihlekehleke o tla buseletsa tšoaro e loketseng.+ 19 Ho tloha bophirima-tsatsi ba tla qala ho tšaba lebitso la Jehova,+ ’me ho tloha bochaba-tsatsi ba tšabe khanya ea hae,+ etsoe o tla tla joaloka nōka e bakang mahlomola, eo moea oa Jehova o entseng hore e phalle.+
20 “Ka sebele Morekolli+ o tla tla Sione,+ ’me a tle le ho ba furallang tlōlo Jakobo,”+ ho bolela Jehova.
21 “Ha e le ’na, sena ke selekane sa ka le bona,”+ ho boletse Jehova.
“Moea oa ka o leng ho uena+ le mantsoe a ka ao ke a kentseng molomong oa hao+—a ke ke a tlosoa molomong oa hao kapa molomong oa bana ba hao kapa molomong oa bana ba bana ba hao,” ho boletse Jehova, “ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+