15 Bona! ke na le uena ’me ke tla u boloka tseleng eohle eo u tsamaeang ka eona ’me ke tla u khutlisetsa naheng ena,+ hobane nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke se buileng ho uena.”+
12 Eaba o re: “Hobane ke tla ba le uena,+ ’me ena ke pontšo ho uena ea hore ke ’na ea u romileng:+ Ka mor’a hore u ntše sechaba seo Egepeta, le tla sebeletsa Molimo oa ’nete thabeng ena.”+
5 Ha ho ea tla ema a tiile ka pel’a hao matsatsing ’ohle a bophelo ba hao.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela ka ho feletseng.+