13 Ka mor’a moo Molimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka,+ hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše.+
16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+
4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng+ ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+
9 Kahoo a re ho ’na: “Phoso ea ba ntlo ea Iseraele le ea Juda+ e khōlō haholo,+ ’me naha e tletse tšollo ea mali+ le motse o tletse ho se tšepahale;+ etsoe ba itse, ‘Jehova o tlohetse naha,+ ’me Jehova ha a bone.’+