11 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba khona ho tsoa ho eona;+ ’me ka sebele ba tla hoeletsa ho ’na ho kōpa thuso, empa nke ke ka ba mamela.+
12 Ha se itima lijo, ha ke mamele mohoo oa sona oa kōpo e tiileng;+ ’me ha se nyehela nyehelo e feletseng ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo, ha ke khahlisoe ke tsona;+ etsoe ke tla se felisa ka sabole le ka tlala le ka lefu la seoa.”+
4 Nakong eo ba tla hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso, empa a ke ke a ba araba.+ O tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo,+ ho ea kamoo ba entseng bobe kateng mesebetsing ea bona.+