12 Lenģosa le neng le il’o bitsa Mikaia la bua le eena, la re: “Bona! Ka tumellano mantsoe a baprofeta ke a molemo ho morena; ka kōpo, lentsoe la hao le ke le be joaloka la e mong oa bona+ ’me u bue se molemo.”+
10 ba itseng ho ba bonang, ‘Le se ke la bona,’ le ho ba nang le lipono, ‘Le se ke la re bonela lintho leha e le life tse nepahetseng.+ Re bolelleng lintho tse rorisang ho tlōlisa; re boneleng lintho tse thetsang.+
28 Baprofeta ba eona ba li litse ka sesoeufatsi,+ ba bona ntho eo e seng ea sebele+ ’me ba ba nohela leshano,+ ba re: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng,” le hoja Jehova a sa bua.