Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 75:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Etsoe ho na le senoelo letsohong la Jehova,+

      Veine ea phophoma, e tletse motsoako.

      Ka sebele o tla tšolla litšifa tsa eona tse leng ho sona;

      Bohle ba khopo ba lefatše ba tla li tlhotla, ba li noe.”+

  • Esaia 51:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Sena ke seo Morena oa hao, Jehova, Molimo oa hao, ea loanelang+ batho ba hae, a se boletseng: “Bona! Ke tla tlosa senoelo se bakang ho thekesela letsohong la hao.+ Mopotjoana, senoelo sa ka sa khalefo—ha u sa tla hlola u noela ho sona.+

  • Jeremia 51:57
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 57 Ke tla tahisa+ likhosana tsa hae le ba bohlale ba hae, babusisi ba hae le batlatsi ba babusi ba hae le banna ba hae ba matla, ’me ba tla robala boroko bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, boo ba ke keng ba tsoha ho bona,”+ ho bolela Morena,+ eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

  • Tšenolo 18:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Mo feng esita le joalokaha a fane,+ ’me le mo etse joalo habeli, e, palo e mennoeng habeli ea lintho tseo a ileng a li etsa;+ senoelong+ seo ho sona a ileng a tšela motsoako le mo tšelle motsoako+ oo habeli.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela