14 ka hona ke ’na enoa, Ea tla boela a sebetsane le sechaba sena ka ho hlollang,+ ka mokhoa o hlollang le ka ho hong ho hlollang; bohlale ba banna ba bona ba bohlale bo tla timela, ’me kutloisiso ea banna ba bona ba masene e tla ipata.”+
25 Ka nako eo ha Jesu a arabela a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.+
13 Ke ka lebaka lena ke buang le bona ke sebelisa lipapiso, hobane, ho talimeng, ba talimela lefeela, ’me ho utloeng, ba utloela lefeela, hape ha ba utloisise;+
19 Joale ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli+ le tlile lefatšeng+ empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli,+ kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo.
26 o re, ‘E-ea ho batho bana ’me u re: “Ka ho utloa, le tla utloa empa ho hang le se ke la utloisisa; ’me, ho talima, le tla talima empa ho hang le se ke la bona.+
28 Feela joalokaha ba sa ka ba amohela ho ela Molimo hloko ka tsebo e nepahetseng,+ Molimo o ba neheletse boemo ba kelello+ bo sa amoheleheng, hore ba etse lintho tse sa lokelang,+
9 Etsoe haeba lintho tsena li le sieo ho mang kapa mang, o foufetse, o koalla mahlo a hae leseli,+ ’me o fetohile ea lebalang+ ho hloekisoa+ ha hae libeng tsa hae tsa khale.