30 Ho feta moo, bao a ileng a ba khetha esale pele+ ke bona bao hape a ileng a ba bitsa;+ bao a ileng a ba bitsa ke bona bao hape a ileng a bolela hore ba lokile.+ Qetellong bao a ileng a bolela hore ba lokile ke bona bao hape a ileng a ba tlotlisa.+
12 Etsoe hona joale re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe,+ empa ka nako eo e tla ba ka lifahleho tse talimaneng.+ Hona joale ke tseba ka mokhoa o sa fellang, empa ka nako eo ke tla tseba ka mokhoa o nepahetseng esita le joalokaha ke tsejoa ka mokhoa o nepahetseng.+
2 Baratuoa, joale re bana ba Molimo,+ empa ho fihlela joale ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tla ba sona.+ Rea tseba hore neng kapa neng ha a bonahatsoa+ re tla ba joaloka eena,+ hobane re tla mo bona feela joalokaha a le joalo.+