13 Ka lebaka lena nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,+ e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.+
8 Empa ha e le rōna ba motšehare, a re luleng re hlaphohetsoe likelellong ’me re apare tšireletso ea sefuba+ ea tumelo+ le lerato ’me re roale tšepo ea poloko+ e le helmete;+
18 Taelo+ ena ke e beha ho uena, ngoana, Timothea, tumellanong le lipolelo tse boletsoeng esale pele+ tse ileng tsa lebisa ka ho toba ho uena, e le hore ka tsona u ka tsoela pele u loana ntoa+ e ntle;
24 Empa lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane,+ empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle,+ le tšoanelehele ho ruta,+ le lule le ithibile bobeng,+