Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • Daniele 10:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Empa khosana+ ea sebaka se pusong ea borena sa Persia+ e ne e eme ho nkhanyetsa+ ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong, ’me, bonang! Mikaele,+ e mong oa likhosana tse ka pele-pele,+ a tla ho tla nthusa; ka sala moo ka thōko ho marena a Persia.+

  • Liketso 17:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Joale Pauluse a ema ka har’a Areopago+ ’me a re:

      “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo+ ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.

  • 2 Petrose 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka sebele haeba Molimo a sa ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi+ a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase,+ a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo;+

  • Tšenolo 16:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ha e le hantle, ke lipolelo tse bululetsoeng+ ke bademona ’me li etsa lipontšo,+ ’me li ea ho marena+ a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,+ ho a bokellela ntoeng+ ea letsatsi le leholo+ la Molimo ea Matla ’Ohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2021)
Log Out
Log In
  • Sesotho (Lesotho)
  • Share
  • Lintlha Tseo U li Khethang
  • Copyright © 2021 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • JW.ORG
  • Log In
Share