2 Petrose
2 Leha ho le joalo, ho ile ha boela ha e-ba le baprofeta ba bohata har’a batho, joalokaha ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.+ E tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang ’me e tla latola esita le monghali ea e rekileng,+ e itlisetsa timetso e potlakileng. 2 Ho feta moo, ba bangata ba tla latela+ liketso tsa eona tsa boitšoaro bo hlephileng,+ ’me ka lebaka la eona tsela ea ’nete e tla nyefoloa.+ 3 Hape, ka ho chacheha ka mohono e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.+ Empa bakeng sa eona, kahlolo ea ho tloha khale+ ha e tsamaee butle, le timetso ea eona ha e otsele.+
4 Ka sebele haeba Molimo a sa ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi+ a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase,+ a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo;+ 5 ’me a sa ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše+ la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka,+ hammoho le ba bang ba supileng+ ha a tlisa moroallo+ holim ’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; 6 ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora a e ahlola,+ a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla;+ 7 ’me a lopolla Lota+ ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng+ ha batho ba nyelisang molao— 8 etsoe monna eo ea lokileng ka seo a neng a se bona le ho se utloa ha a ntse a lula har’a bona letsatsi le letsatsi o ne a hlokofatsa moea oa hae o lokileng ka lebaka la liketso tsa bona tse sa eeng ka molao— 9 Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong,+ empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe,+ 10 leha ho le joalo, haholo-holo ba tsoelang pele ho latela nama ka takatso ea ho e+ silafatsa le ba khellang borena tlaase.+
Ba iteta sefuba, ba ngangella thato ea bona, ha ba thothometsoe ke ba khanyang empa baa nyefola,+ 11 athe mangeloi, le hoja a le maholo ka matla le bonatla, ha a tlise qoso khahlanong le bona ka mantsoe a nyefolang,+ ha aa etse joalo ka lebaka la ho hlompha Jehova.+ 12 Empa batho bana, joaloka liphoofolo tse sa nahaneng tseo ka tlhaho li tsoaletsoeng ho tšoaroa le ho timetsoa, linthong tseo ho tsona ba hlokang tsebo ’me ba nyefola,+ ba tla be ba timele tseleng ea bona ea timetso, 13 ba intša kotsi+ e le moputso oa ho etsa phoso.+
Ba nka bophelo ba menono motšehare e le monyaka.+ Ke matheba le likoli, ba inehella ka thabo e se nang boithibo lithutong tsa bona tse thetsang ha ba ntse ba keteka hammoho le lōna.+ 14 Ba na le mahlo a tletseng bofebe+ le a sa khoneng ho khaotsa sebe,+ ’me ba eka meea e sa tsitsang. Ba na le lipelo tse koetliselitsoeng ho chacheha ka mohono.+ Ke bana ba rohakiloeng.+ 15 Ka ho tlohela tsela e otlolohileng, ba khelositsoe. Ba latetse tsela ea Balame,+ mora oa Beore, ea ileng a rata moputso oa ho etsa phoso,+ 16 empa a khalemeloa bakeng sa ho tlōla ha hae se neng se nepahetse.+ Pelesa e sa tsebeng ho bua, ha e bua ka lentsoe la motho,+ ea sitisa tsela ea bohlanya ea moprofeta eo.+
17 Bana ke liliba tse se nang metsi,+ le meholi e khannoang ke sefefo se befileng, ’me ba boloketsoe botšo ba lefifi.+ 18 Etsoe ba bua lipolelo tsa boikhohomoso tse sa ruiseng letho, ’me ka litakatso tsa nama+ le ka mekhoa e hlephileng ba eka+ bao e leng hona ba phonyohang+ ho batho ba itšoereng ka mokhoa o fosahetseng. 19 Ha ba ntse ba ba tšepisa tokoloho,+ bona ba phela e le makhoba a ho bola.+ Etsoe mang kapa mang ea hlōloang ke e mong o etsoa lekhoba ke enoa.+ 20 Ka sebele haeba, ka mor’a ho phonyoha litšilafatsong tsa lefatše+ ka tsebo e nepahetseng ea Morena le Mopholosi Jesu Kreste, ba kena hape linthong tsona tsena ’me ba hlōleha,+ maemo a ho qetela a bile mabe bakeng sa bona ho feta a pele.+ 21 Etsoe ho ka be ho bile molemo ho bona ha ba ne ba sa tseba tsela ea ho loka+ ka mokhoa o nepahetseng ho e-na le hore ka mor’a ho e tseba ka mokhoa o nepahetseng ba furalle taelo e halalelang eo ba e nehiloeng.+ 22 Polelo ea maele a ’nete e ba etsahaletse: “Ntja+ e khutletse mahlatseng a eona, le kolobe e tšehali e ileng ea hlatsuoa e khutletse ho ipitikeng seretseng.”+