Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • Matheu 24:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Joale pontšo ea Mor’a motho+ e tla bonahala leholimong, joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla,+ ’me e tla bona Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō.+

  • Matheu 25:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae,+ ’me o tla arola+ batho e mong ho e mong,+ feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+

  • Baefese 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 bakeng sa tsamaiso+ tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng,+ e leng, ho bokella+ lintho tsohle hape ho Kreste,+ lintho tse maholimong+ le lintho tse lefatšeng.+ E, ho eena,

  • 1 Bathesalonika 4:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 hobane Morena o tla theoha leholimong+ ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong+ le ka terompeta ea Molimo,+ ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Log Out
Log In
  • Sesotho (Lesotho)
  • Share
  • Lintlha Tseo U li Khethang
  • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • JW.ORG
  • Log In
Share