-
Levitike 2:3-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ linyehelong tse chesetsoang Jehova.
4 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e bakiloeng ka ontong, e be ea phofo e sitsoeng hantle, ea mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli kapa liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+
5 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e tsoang paneng,+ e be ea phofo e sitsoeng hantle e se nang tomoso, e kopantsoeng le oli. 6 U e qhetsole ’me u tšele oli holim’a eona.+ Ke nyehelo ea lijo.
7 Haeba nyehelo ea hao e le nyehelo ea lijo e etsoang ka pane, e etsoe ka phofo e sitsoeng hantle le oli.
-
-
Numere 18:9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ho linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse chesoang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Linyehelo tsohle tseo ba li etsang, ho akarelletsa le linyehelo tsa bona tsa lijo*+ le linyehelo tsa bona tsa sebe+ le linyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla li tlisa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao.
-