Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 32:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Letsatsing le latelang, Moshe a re ho sechaba: “Le entse sebe se seholo. Ke tla nyolohela ho Jehova ho bona hore na nka le kopela tšoarelo bakeng sa sebe sa lona.”+

  • Levitike 16:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ha ho motho e mong ea lokelang ho ba ka har’a tente ea pokano ho tloha nakong eo a kenang ho ea etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe sebakeng se halalelang ho fihlela a tsoa. A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae+ le molemong oa sechaba sohle sa Iseraele.+

  • Numere 15:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sechaba sohle sa Baiseraele ’me se tla tšoareloa+ hobane e ne e le phoso ebile se tlisitse nyehelo ea sona e le nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo hammoho le nyehelo ea sona ea sebe ka pel’a Jehova bakeng sa liphoso tsa sona.

  • Baefese 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Re lopolotsoe sebeng hobane mora oa hae o ile a re patalla ka mali a hae.+ Ka hona, re tšoareloa libe+ ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo.

  • Baheberu 2:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tšoana le “bana babo” ka litsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang ha a etsa mosebetsi oa Molimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang libe tsa batho e le hore ba ka ba le khotso le Molimo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela