28 Le itebele+ le be le lebele mohlape oohle oo moea o halalelang o le khethetseng hore le o lebele+ le be le lise phutheho ea Molimo+ eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.+
25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng.
9 Ba bina pina e ncha+ e reng: “Oa tšoaneleha ho nka moqolo le ho tlosa litempe tsa oona hobane u ile oa hlajoa ’me ka mali a hao oa reka batho+ ba maloko ’ohle, lipuo tsohle, lichaba tsohle le merabe eohle+ e le hore ba sebeletse Molimo.