Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Monna eo o ne a tloha motseng oa habo selemo le selemo a ea Shilo ho ea rapela* Jehova oa mabotho le ho mo etsetsa sehlabelo.+ Ke hona moo bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ ba neng ba sebeletsa teng e le baprista ba Jehova.+

  • 1 Samuele 4:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha batho ba khutla ntoeng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamaeeng ka areka ea selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona ’me e re pholose ho lira tsa rona.”

  • Pesaleme 78:60
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 60 Qetellong a furalla tabernakele ea Shilo,+

      Tente eo a neng a lula ho eona har’a batho.+

  • Jeremia 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 “‘E-eang tabernakeleng ea ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele+ ’me le bone hore na ke e entse’ng ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • Liketso 7:44, 45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 Molimo o ile a laela Moshe ho etsa tabernakele* ka tsela eo a neng a mo bontšitse ’me baholo-holo ba rona ba ne ba e-na le eona lefeelleng.+ 45 Baholo-holo ba rona ba ile ba e nka eaba ba tsamaea le Joshua ho ea naheng ea lichaba+ tseo Molimo a ileng a li leleka molemong oa baholo-holo ba rona.+ E lutse mona ho fihlela mehleng ea Davida.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela