Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 4
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Bafilista ba hapa Areka (1-11)

      • Eli le bara ba hae baa shoa (12-22)

1 Samuele 4:3

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlotse kajeno?”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 28:15, 25; 32:30; Bhl 2:14
  • +2Sa 15:25

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    9/15/2015, leq. 32

1 Samuele 4:4

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 25:18; Nu 7:89; 2Ma 19:15; Ps 80:1
  • +1Sa 2:12

1 Samuele 4:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 14:25; 15:14

1 Samuele 4:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 7:5; Ps 78:43, 51

1 Samuele 4:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 28:48; Bhl 10:7; 13:1

1 Samuele 4:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:14, 17; De 28:25; 1Sa 4:2

1 Samuele 4:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:31, 34; 4:3, 17; Ps 78:61, 64

1 Samuele 4:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 7:6

1 Samuele 4:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 4:4

1 Samuele 4:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 3:2

1 Samuele 4:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 3:11
  • +1Sa 2:34
  • +1Sa 4:10, 11

1 Samuele 4:20

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ha aa ka a ba nkela hloohong.”

1 Samuele 4:21

Linaletsana

  • *

    E bolelang “Khanya e Hokae?”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 14:3
  • +Ps 78:61
  • +1Sa 2:32, 34; 4:5, 11

1 Samuele 4:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 4:11; Jer 7:12

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 4:3De 28:15, 25; 32:30; Bhl 2:14
1 Sam. 4:32Sa 15:25
1 Sam. 4:4Ex 25:18; Nu 7:89; 2Ma 19:15; Ps 80:1
1 Sam. 4:41Sa 2:12
1 Sam. 4:7Ex 14:25; 15:14
1 Sam. 4:8Ex 7:5; Ps 78:43, 51
1 Sam. 4:9De 28:48; Bhl 10:7; 13:1
1 Sam. 4:10Le 26:14, 17; De 28:25; 1Sa 4:2
1 Sam. 4:111Sa 2:31, 34; 4:3, 17; Ps 78:61, 64
1 Sam. 4:12Jos 7:6
1 Sam. 4:131Sa 4:4
1 Sam. 4:151Sa 3:2
1 Sam. 4:171Sa 3:11
1 Sam. 4:171Sa 2:34
1 Sam. 4:171Sa 4:10, 11
1 Sam. 4:211Sa 14:3
1 Sam. 4:21Ps 78:61
1 Sam. 4:211Sa 2:32, 34; 4:5, 11
1 Sam. 4:221Sa 4:11; Jer 7:12
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 4:1-22

Buka ea Pele ea Samuele

4 Samuele a bua le Baiseraele bohle.

Eaba Baiseraele baa tsoa ho ea loantša Bafilista. Ba hloma litente tsa bona haufi le Ebenezere ’me Bafilista ba hloma litente tsa bona Afeke. 2 Bafilista ba tsamaea ba itokiselitse ho ea loantša Baiseraele empa ntoa e ne e le boima ’me Bafilista ba hlola Baiseraele, ba bolaea banna ba ka bang 4 000 ntoeng eo. 3 Ha batho ba khutla ntoeng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamaeeng ka areka ea selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona ’me e re pholose ho lira tsa rona.” 4 Kahoo, batho ba romela banna Shilo, ba fihla ba nka areka ea selekane ea Jehova oa mabotho ea lutseng teroneng holim’a* likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ le bona ba ne ba le moo le areka ea selekane ea Molimo oa ’nete.

5 Hang ha areka ea selekane sa Jehova e fihla litenteng tsa Baiseraele, kaofela ha bona ba hoeletsa haholo ba etsa lerata hoo lefatše le ileng la thothomela. 6 Ha Bafilista ba utloa lerata leo ba re: “Ke hobane’ng ha ho e-na le lerata le lekaale litenteng tsa Baheberu?” Qetellong ba utloela hore Areka ea Jehova e tlile litenteng tsa Baiseraele. 7 Bafilista ba tšoha ’me ba re: “Molimo o tlile litenteng tsa bona.”+ Kahoo, ba re: “Re malimabe hobane ntho e tjena ha e e-s’o ka e etsahala. 8 Re malimabe. Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo eane ea ileng a bolaea Baegepeta ba bangata lefeelleng.+ 9 E-bang sebete joaloka banna lona Bafilista e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu joalokaha ba le sebelelitse.+ Le be banna ’me le loane.” 10 Kahoo, Bafilista ba loana ’me ba hlola Baiseraele+ eaba kaofela ba balehela litenteng tsa bona. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shoa masole a 30 000. 11 Ho ekelletsa moo, Areka ea Molimo e ile ea haptjoa ’me bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease ba shoa.+

12 Monna oa leloko la Benjamine a tloha moleng oa ntoa ’me a mathela Shilo, liaparo tsa hae li tabohile a bile a le mobu hloohong.+ 13 Ha monna eo a fihla, Eli o ne a lutse setulong ka thoko ho tsela a letile hobane o ne a tšoenyehile haholo ka Areka ea Molimo oa ’nete.+ Monna eo a kena motseng ho ea bolella batho se etsahetseng ’me batho bohle ba motseng ba qala ho lla. 14 Ha Eli a utloa sello seo a re: “Moferefere oo ke o utloang ke oa eng?” Monna eo a potlakela ho Eli ’me a mo bolella se etsahetseng. 15 (Eli o ne a le lilemo li 98, a se a sa bone.)+ 16 Monna eo a re ho Eli: “Ke balehile moleng oa ntoa. Kajeno ke balehile ntoeng.” Ha a utloa seo a re: “Ho etsahetse’ng mora oa ka?” 17 Monna eo ea tlisitseng litaba a re: “Baiseraele ba balehile Bafilista hobane ba hlotsoe ’me ba bangata ba bona ba bolauoe.+ Hape bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba shoele+ ’me Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

18 Hang ha a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete, Eli a oa ka mokokotlo a le setulong sa hae se pel’a keiti. Molala oa hae oa robeha eaba oa shoa hobane o ne a se a tsofetse ebile a nonne. O ne a qetile lilemo tse 40 e le moahloli oa Iseraele. 19 Ngoetsi ea hae, mosali oa Finease, e ne e le moimana ’me a le haufi le ho beleha. Ha a utloa hore Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe le hore ntate matsale oa hae le monna oa hae ba shoele, a inama eaba o beleha ka tšohanyetso. 20 Ha a le makhatheng a lefu, basali ba emeng pel’a hae ba re: “U se ke oa tšoha hobane u tsoetse mora.” Ha aa ka a araba kapa a re letho ho bona.* 21 Empa a reha moshanyana eo Ikabode*+ a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng.”+ O ne a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoeng le ka se etsahetseng ka ntate matsale oa hae le monna oa hae.+ 22 Mosali eo o ile a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng hobane Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela